Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Marena 1:16 - BIBELE

16 Batesheba a kgumama, a isa hlompho ho kgosi. Kgosi ya re ho yena: “O batlang?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Bathe-Sheba a kgumama, a inama pela morena. Morena a re: Taba ya hao ke efe?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Marena 1:16
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Batesheba a ya ho kgosi, ka kamoreng ya yona. Kgosi e ne e se e hodile haholo, mme Abishake wa Moshuneme o ne a e sebeletsa.


Batesheba a re ho kgosi: “Monga ka, wena o ne o hlapanyetse lekgabunyane la hao ka lebitso la Morena Modimo wa hao, wa re: ‘Ruri Solomone, mora wa hao, o tla ntlhahlama, mme a dule teroneng ya ka.’


Ha bolellwa kgosi, ha thwe: “Moporofeta Nathane ke enwa!” Hoba a kene kamoo kgosi e leng kateng, a obama, a isa hlompho ho kgosi.


Batesheba a re: “Ke na le koponyana e fokolang. Ke a o rapela: O se ke wa mpa wa ntshwetsa.” Kgosi ya re ho yena: “Kopa, mme, ha ke na ho o swetsa.”


Ka tsatsi la bobedi la mokete wa veine, kgosi ya boela ya re ho Esetere: “Oho, mofumahadi Esetere, thapedi ya hao ke efe? E tla ananelwa. Kopo ya hao ke efe? E tla phethwa, esita leha eba ke halofo ya mmuso wa ka.”


Jesu a re ho yena: “O batlang?” A re ho yena: “Laela hore Mmusong wa hao bara bana ba ka ba babedi ba tle ba dule, e mong ka letsohong la hao le letona, e mong ka ho le letshehadi.”


Jesu a ema, a di bitsa, a re: “Le rata ha ke le etsetsa eng?”


Hoba moshanyana a tsamaye, Davida a ema, a tloha kamora qubu ya majwe, a itihela fatshe ka sefahleho, a obama kapele ho Jonathane hararo. Bo-Jonathane le Davida ba akana, ba llelana, ho fihlela sello sa Davida se feta sa Jonathane.


Hamorao Davida le yena a ema, a tswa ka lehaheng, a howeletsa Saule, a re: “Kgosi ya ka! Monga ka!” Ha Saule a hetla, Davida a obama, a isa hlompho.


Eitse ha Abikaele a bona Davida, a potlaka, a tholoha tonki ya hae, a itihela kapele ho Davida ka sefahleho, a isa hlompho ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ