Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 5:3 - BIBELE

3 Seo lerato la Modimo le leng sona ke hore re boloke ditaelo tsa hae. Ditaelo tsa hae ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane ho rata Modimo, ke ha re boloka ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

3 Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane lerato la Modimo ke hore re boloke ditaelo tsa wona, mme ditaelo tsa wona ha di boima.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 5:3
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O ne a kgomaretse Morena, a sa phetse ho mo latela. A boloka melao eo Morena a neng a e laetse Moshe.


Tshepiso ya hao ke ya nnetenete, mohlanka wa hao o a e rata.


Ke tla phela ka bolokolohi, hobane ke thahasella ditaelo tsa hao.


Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.


Tsela tsa bona di a kgahleha, moo bo tsamayang teng ho rena kgotso.


Ka rapela Morena Modimo wa ka, ka etsa boipolelo bona, ka re: “Oho, Morena, wena Modimo e moholo, ya tshabehang, o baballa selekane sa hao sa lerato ka botshepehi ho ba o ratang, ba bolokang melao ya hao.


Wena motho, o boleletswe se molemo; ebe Morena o lebeletse eng ho wena? Ke ho etsa tse lokileng, le ho ba le lerato, le ho ikokobeletsa Modimo wa hao.


Ba tlama mejaro e boima, ba e bee hodima mahetla a batho, empa bona, ka bobona, ha ba utlwisise ho e thetsa le ka monwana.


“Haeba le a nthata, le tla boloka ditaelo tsa ka.


Ha le boloka ditaelo tsa ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha ke bolokile ditaelo tsa Ntate, mme ke dula leratong la hae.


Lona le metswalle ya ka, ha le etsa seo ke le laelang sona.


Ka hona molao o a halalela, le taelo e a halalela, e lokile, e molemo.


Bothong ba ka ba moya ke thabela Molao wa Modimo,


Empa ba nthatang, ba bolokang melao ya ka, ke ba hauhela ho isa melokong e sekete.


Tsebang ke hona hore Morena Modimo wa lona, ke yena Modimo. Ke Modimo ya tshepahalang, ya bolokang selekane le lerato la hae le tiileng ho ba mo ratang, le ho ba bolokang melao ya hae, ho isa melokong e sekete.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Seo re tsebang ka sona hore re a mo tseba, ke ha re boloka ditaelo tsa hae.


Seo lerato le leng sona ke hore re tsamaye ka ditaelo tsa hae. Taelo eo esaleng le e utlwa ho tloha tshimolohong ke hore le phele ka lerato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ