Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 4:12 - BIBELE

12 Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla. Ha re ratana, Modimo o phela ka ho rona, mme lerato la hae le phethehile ka ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ha ho motho ya kileng a bona Modimo, le ka mohla o le mong; ha re ratana, Modimo o dutse ho rona, mme lerato la wona le phethehile ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe. Ha re ratana, Modimo o ahile ho rona, mme lerato la hae le phethehile ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ha ho motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe. Ha re ratana, Modimo o ahile ho rona, mme lerato la hae le phethehile ho rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 4:12
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a rea sebaka seo lebitso la Peniele, hobane o ne a re: “Ke bone Modimo ka mahlo, empa ke ntse ke phela.”


Morena a boela a re: “Ha o ka ke wa tseba ho bona sefahleho sa ka, hobane motho a ke ke a mpona, yaba o a phela.”


Ke bua le yena re tadimane, Ke bua ka puo e hlakileng, e seng ka dilotho, yena o bona sebopeho sa ka. Ke ka baka lang ha le sa tshabe ho bua, le sa tshabe ho bua Moshe, mohlanka wa ka, hampe?”


Ha ho ya kileng a bona Modimo le ka mohla; Mora ya tswetsweng a nnotshi, eo e leng Modimo, ya leng sefubeng sa Ntate, ke yena ya re tsebisitseng Modimo.


Jwale tsena tse tharo, e leng tumelo, le tshepo, le lerato, di tla nne di be teng, empa e kgolo ho tsona ke lerato.


Ho Kgosi ya mehla yohle, ho Modimo ya sa shweng, ya sa bonweng, ya inotshi, e be hlompho le tlotla kamehla le mehla. A ho be jwalo!


yena a inotshi ya sa shweng, ya ahileng leseding le ke keng la atamelwa, eo ho seng motho ya kileng a mmona, kapa ya ka mmonang. Hlompho le matla a sa feleng e ke e be tsa hae. A ho be jwalo!


Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Empa ya bolokang lentswe la hae, ke eo ruri lerato la Modimo le phethehileng ka ho yena. Sena ke seo re tsebang ka sona hore re phela ho yena.


Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.


Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona. Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.


Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.


Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ