Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 4:10 - BIBELE

10 Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Lerato le bonahala hona moo hoba hase rona ba ratileng Modimo, empa e le wona o re ratileng, mme o romile Mora wa wona hore e be pheko ya dibe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Lerato le ka mona, e seng hore ke rona re ratileng Modimo, empa ke hore o re ratile, mme a romela Mora wa hae hore e be pheko ya dibe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Lerato le ka mona, e seng hore ke rona re ratileng Modimo, empa ke hore o re ratile, mme a romela Mora wa hae hore e be pheko ya dibe tsa rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 4:10
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Lemo tse mashome a supileng, a supileng hasupa, di baletswe tjhaba sa heno le motse o halalelang, hore ditshito tsohle di tle di fediswe, dibe le tsona le ke le di fedise, ho etswe poelano bakeng sa ho etsa bokgopo, ho loka ha kamehla ho tle ho be teng, ho phethahatswe dipono, le bona boporofeta, Ya Halalelang haholo le yena a tlotswe.


“Ke le nea taelo e ntjha, ya hore le ratane; jwalokaha ke le ratile, le lona le ratane.


Hase lona le nkgethileng, empa ke nna ke le kgethileng, mme ke le beile hore le ye, le behe ditholwana, mme ditholwana tsa lona di dulele ruri, hore eng le eng eo le e kopang Ntate ka lebitso la ka, a le fe yona.


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


Ke nna bohobe bo phelang, bo theohileng lehodimong; ha motho a ka ja bohobe bona o tla phela ka ho sa feleng, mme bohobe boo ke tla fana ka bona ka baka la bophelo ba lefatshe, ke nama ya ka.”


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Rona re na le lerato, hobane yena o re ratile pele.


Jwale bopaki boo ke bona: Modimo o re neile bophelo bo sa feleng, mme bophelo bona re bo fumana ka Mora wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ