Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:9 - BIBELE

9 Mang le mang ya tswetsweng ke Modimo, ha a sa etsa sebe, hobane bophelo ba Modimo bo ka ho yena. A ke ke a hlola a etsa sebe, hobane o tswetswe ke Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe, kahobane peo ya wona e dutse ho yena; mme o sitwa ho etsa sebe, kahobane o tswetswe ke Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

9 E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 E mong le e mong ya tswetsweng ke Modimo ha a etse sebe; hobane peo ya hae e dutse ho yena;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:9
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Haeba le ka re: ‘Re sa tla mo hlorisa, hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae!’


ba sa etseng tse sa lokang, ba mpang ba tsamaya ditseleng tsa hae.


Haeba ho hong ha sefifi sena ho ka wela hodima peo ya mofuta ofe kapa ofe, peo eo ha e silafele,


Sefate se monate se sitwa ho beha ditholwana tse mpe, le ha e le sefate se sebe ho beha ditholwana tse monate.


ba sa kang ba tswalwa ka madi, kapa ka thato ya nama, kapa ka thato ya monna, empa ba tswetswe ke Modimo.


Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”


Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”


Le kgale! Rona ba shweleng ka nqeng ya sebe, re ka nna ra phela ho sona jwang?


Ditakatso tsa botho di lwantshana le tsa Moya, le tsa Moya di lwantshana le tsa botho. Di hanyetsana hoo le sitwang ho etsa seo le se ratang.


e re neang tshepo ya bophelo bo sa feleng. Modimo ya sa thetseng o re tshepisitse bophelo bona, mehla e eso be teng.


Le tswetswe botjha, e seng ka peo e bolang, empa ka e sa boleng, e leng lentswe la Modimo le phelang, le sa feleng,


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


Mang le mang ya phelang ka ho yena, ha a sa etsa sebe, empa ya ntseng a etsa sebe ha a eso mmone, le ho mo tseba ha a mo tsebe.


Baratuwa, a re rataneng, hobane lerato le tswa ho Modimo. Mang le mang ya nang le lerato o tswetswe ke Modimo, mme o tseba Modimo.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Re a tseba hore mang le mang ya tswetsweng ke Modimo ha a sa etsa sebe, hobane Mora wa Modimo o a mmoloka, mme E Mobe a ke ke a mo etsa letho.


Bohle ba tswetsweng ke Modimo ba hlola lefatshe. Tlholo eo re hlolang lefatshe ka yona ke tumelo ya rona.


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ