Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:7 - BIBELE

7 Bana ba ka, ho se be ya le kgelosang. Ya etsang tse lokileng o lokile, jwalokaha Kreste le yena a lokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Bana, le se ke la thetswa ke motho: Ya etsang ho lokileng o lokile, jwalokaha le yena a lokile;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

7 Bana, le se ke la thetswa ke motho; ya etsang ho loka o lokile, jwalokaha le yena a lokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

7 Bana, le se ke la thetswa ke motho; ya etsang ho loka o lokile, jwalokaha le yena a lokile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:7
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho lehlohonolo ba etsang toka, ba etsang ho lokileng ka nako tsohle.


Terone ya hao, Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso ke lere la toko.


Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.”


re halalela, mme re lokile pela hae ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.


empa, ditjhabeng tsohle, ya mo tshabang, ya etsang toka, o a amoheleha ho yena.


Ba lokileng pela Modimo hase ba utlwang Molao ka ditsebe feela, empa ba phethang Molao ke bona ba tla lokafatswa.


Kapa na ha le tsebe hore ba kgopo ba ke ke ba eja lefa la Mmuso wa Modimo? Le se ke la ithetsa: dihlola, le basebeletsi ba medimo ya bohata, le difebe, le ba janang maotwana,


Ho se be motho ya le thetsang ka dipolelo tsa lefeela, hobane ka baka la tse jwalo kgalefo ya Modimo e tlela ba sa mo mameleng.


Ditholwana tsa lesedi ke tsohle tse molemo, tse lokileng le tsa nnete.


le tlale ho loka ho tswang ho Kreste, e tle e be tlotla le thoriso ho Modimo.


Empa ka Mora ho itswe: “Terone ya hao Modimo, ke ya kamehla le mehla, lere la hao la puso, ke lere la toka.


A ba a arolelwa karolo e le nngwe ho tse leshome ya kgapo yohle ke Aborahama. Lebitso la Meleki-Sedeke ke ho re: “Kgosi ya toka”. Hape e ne e le kgosi ya Salema, e leng ho re: “Kgosi ya kgotso”.


Le be baphethi ba lentswe leo, e seng bautlwi feela, ba ithetsang ka bobona.


Ha ke re o dumela hore Modimo o mong feela? O etsa hantle; le bona bademona ba dumela jwalo, mme ba a thothomela.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.


Ke le ngoletse tsena, e leng tse amanang le ba le kgelosang.


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


Bana ba ka, lerato la rona e se ke ya eba la mantswe kapa la leleme feela, empa e be la diketso le la nnete.


Mang le mang ya nang le tshepo ena ho yena, o a itlhwekisa, jwalokaha le yena a hlwekile.


Seo lerato le tla be le phethehile ka sona ka ho rona ke sena: re tla ba sebete mohla letsatsi la kahlolo, hobane bophelo ba rona lefatsheng bo tshwana le ba Kreste.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ