Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:10 - BIBELE

10 Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke hona moo ho bonahalang bao e leng bana ba Modimo le bao e leng bana ba Diabolose: E mong le e mong ya sa etseng ho lokileng hase wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

10 Bana ba Modimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka sena: E mong le e mong ya sa etseng ho loka ha se wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

10 Bana ba Modimo le bana ba Diabolose ba bonahala ka sena: E mong le e mong ya sa etseng ho loka ha se wa Modimo, leha e le ya sa rateng ngwanabo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:10
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.


Tshimo ke lefatshe; peo e ntle ke bao e leng bana ba Mmuso wa Modimo, mofoka ke bana ba E Mobe.


Empa ratang dira tsa lona, le di etse hantle, le adimane le sa lebelle ho buseletswa letho. Moputso wa lona o tla ba moholo, mme le tla ba bana ba Ya Hodimodimo, hobane yena o molemo ho ba hlokang teboho le ho ba kgopo.


Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo,


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


Ya tswang ho Modimo o utlwa dipolelo tsa Modimo; ke ka baka lena le sa utlweng, hobane ha le tswe ho Modimo.”


“Ngwana Diabolosi! Wena ya tletseng thetso le bokgopo bohle! Sera sa toka yohle! Na ha o sa tla kgaotsa ho kgopamisa ditsela tse lokileng tsa Morena?


Le se ke la ba le molato wa letho ho motho, haese wa ho ratana, hobane ya ratang wa habo o phethile Molao ka ho tlala.


Etsisang Modimo, kaha le le bana ba hae ba ratehang.


Hodima tsena tsohle, ebang le lerato, e leng lona le tlamahanyang tsohle hore di phethehe.


Sepheo sa taelo ena ke ho ba isa leratong le tswang pelong e hlwekileng, le letswalong le kgutsitseng, le tumelong e se nang boikaketsi.


Kaha le tseba hore o lokile, le lokela ho tseba hore mang le mang ya etsang tse lokileng o tswetswe ke yena.


Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Taelo eo Kreste a re neileng yona ke ena: Ya ratang Modimo, eka kgona a rate le ngwanabo.


Rona re ba Modimo. Ya tsebang Modimo o a re mamela, empa eo e seng wa Modimo ha a re mamele. Ke ka sena re tsebang moya wa nnete le moya wa bokgelohi.


Ya se nang lerato ha a tsebe Modimo, kaha Modimo ke lerato.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Seo re tsebang ka sona hore re rata bana ba Modimo, ke ha re rata Modimo, mme re phetha ditaelo tsa hae.


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ