Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 3:1 - BIBELE

1 Bonang, Ntate o re ratile hakaakang, hore re be re bitswe bana ba Modimo, mme re fela re le bona. Ke ka lebaka lena lefatshe le sa re tsebeng, hobane ha le a ka la tseba Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bonang! lerato leo Ntate a re ratileng ka lona le lekakang, ha re bitswa bana ba Modimo! Re fela re le bona. Ka baka leo, lefatshe ha le re tsebe, kahobane ha le a ka la o tseba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Bonang, ke lerato le jwang leo Ntate a re ratileng ka lona, hore re bitswe bana ba Modimo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 3:1
33 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Morena, ho a bonahala hore ho wena tsena e ne e sa le dinyane, hobane o boetse o buile ka seo o se reretseng lelapa la mohlanka wa hao nako e sa le hole. Oho, Morena Modimo, le tsena o di tsebisitse mothwana ya kang nna!


Ba buang leshano ba fetohe dimumu, baikakasi bana ba buang hampe ka ya lokileng, ba ikgohomosetsang yena, ba mo nyedise.


Yaba Morena o re: “Ke ne ke tla thabela ho le etsa bana ba ka, ke le abele naha e kgahlehang, lefa le letle ho feta mafa a tjhaba tsohle. Ka ba ka re: Lona le tla mpitsa Ntate, mme le ke ke la kgaotsa ho ntatela.


“Empa Baiseraele ba tla ngatafala, ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle le ke keng la methwa leha e le ho balwa. Moo ho neng ho thwe ho bona: ‘Lona ha le setjhaba sa ka’, ho tla thwe: ‘Le bana ba Modimo ya phelang’.


Ba ke ke ba hlola ba eshwa hobane ba tshwana le mangeloi. Ke bana ba Modimo hobane ba tsositswe bafung.


Empa bohle ba le amohetseng, e leng ba dumelang ho lona, le ba neile tokelo ya ho fetoha bana ba Modimo,


e seng setjhaba feela, empa le hore bana ba Modimo ba qhalakaneng a tle a ba bokellele bonngweng.


Empa ba tla le etsa tsena tsohle ka baka la lebitso la ka, hobane ba sa tsebe ya nthomileng.


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


“Ntate ya lokileng, lefatshe ha le a ka la o tseba, empa nna ke o tsebile, mme bana ba tsebile hore o nthomile.


“Modimo o ratile lefatshe hoo a le neileng Mora wa hae ya tswetsweng a inotshi, hore e mong le e mong ya dumelang ho yena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.


empa Modimo o bontshitse lerato la hae ho rona, ka hore Kreste a re shwele ha re ne re sa le baetsadibe.


Dihlodilweng tsohle di lebeletse ka tlholohelo e kgolo ho bonahatswa ha bana ba Modimo,


le tsona dihlodilweng di tla lokollwa bokgobeng ba tshenyeho, di be le kabelo tokolohong e tlotlehang ya bana ba Modimo.


Ha e le moo a sa ka a qenehela Mora wa hae ka sebele, a mpa a mo neetse lefu ka baka la rona bohle, na a ke ke a re nea dintho tsohle hammoho le yena na?


Ke tla ba ntata lona, mme le tla ba bara le baradi ba ka,” ho rialo Morena ya matla wohle.


Bohle le bana ba Modimo ka ho dumela ho Kreste Jesu,


Ha e le mona le le ba Kreste, le ditloholo tsa Aborahama, mme le majalefa ka ho ya ka tshepiso.


“Lona le bana ba Morena Modimo wa lona. Le se ke la iphatsa, kapa la ipeola diphatleng ha le llela bafu.


hobane le shwele, mme bophelo ba lona bo patehile le Kreste ho Modimo.


Bana ba Modimo le bana ba Diabolosi ba bonahala tjena: Bohle ba sa etseng tse lokileng, kapa ba sa rateng bana babo bona, hase bana ba Modimo.


Baratuwa, jwale re se re le bana ba Modimo, empa seo re tlang ho ba sona ha se eso bonahatswe. Feela re a tseba hore, mohla Kreste a iponahatsang, re tla tshwana le yena, hobane re tla mmona kamoo a leng kateng.


Seo lerato le tla be le phethehile ka sona ka ho rona ke sena: re tla ba sebete mohla letsatsi la kahlolo, hobane bophelo ba rona lefatsheng bo tshwana le ba Kreste.


Ya hlolang e tla ba mojalefa wa tsena; ke tla ba Modimo wa hae, mme yena e be mora wa ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ