Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:24 - BIBELE

24 Molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong le o boloke. Ha le ka boloka ka ho lona molaetsa oo le o utlwileng ho tloha tshimolohong, le lona le tla bolokeha ho Mora le ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Jwale lona, seo le se utlwileng esale ho qaleng, se ke se dule ho lona. Ekare ha seo le se utlwileng, esale ho qaleng, se dula ho lona, le lona le tla dula ho Mora le ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

24 Ha ho le jwalo, seo le se utlwileng ho tloha tshimolohong a se dule ho lona. Haeba seo le se utloileng ho tloha tšimolohong se lula ho lōna, le lōna le tla lula ho Mora le ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Ha ho le jwalo, seo le se utlwileng ho tloha tshimolohong a se dule ho lona. Haeba seo le se utloileng ho tloha tšimolohong se lula ho lōna, le lōna le tla lula ho Mora le ho Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:24
27 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jesu a mo araba, a re: “Ha motho a nthata, o tla boloka lentswe la ka, mme Ntate o tla mo rata, re tla tla ho yena, mme re dule ka ho yena.


Seo re tsebang ka sona hore re phela ka ho yena, le yena o phela ka ho rona, ke sena: o re neile Moya wa hae.


Rona re tsebile, ebile re dumetse lerato leo Modimo a nang le lona ho rona. Modimo ke lerato. Ya phelang leratong o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena.


Hopola he, kamoo o ileng wa amohela seo o se utlwileng kateng; se boloke, mme o bake. Haeba o sa fadimehe, ke tla tla ho wena jwaloka leshodu, mme ha o ka ke wa tseba nako eo ke tla tla ho wena ka yona.


Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.


Seo re ileng ra se bona, le seo re ileng ra se utlwa, re le bolella sona, e le hore le lona le tle le phedisane le rona, mme ho phedisana ha rona le lona ke ho phedisana le Ntate le Mora wa hae, Jesu Kreste.


Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.


“Ke tla tla kapele. Kgomarela ho seo o nang le sona, e le hore ho tle ho se ba ye ka o amohang mofapahlooho wa hao.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Re fetohile ba nang le kabelo le Kreste ho tsa hae, ha feela re tiisetsa, ho isa qetellong, tshepong e tiileng eo re bileng le yona qalong,


Le lona Bafilipi, le a tseba hore ha ke qala ho phatlalatsa molaetsa o molemo, ha ke tloha Masedonia, ha ho kereke e kileng ya mpuseletsa letho bakeng sa thuso ya ka, haese lona feela.


Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng.


Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.


Kahoo re tlamehile ho hlokomedisisa tseo re di rutilweng, esere ra kgeloha.


Ba re ho yena: “O mang?” Jesu a re ho bona: “Hantle ke buelang le lona?


jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe,


Reka nnete le bohlale le tayo le kutlwisiso, mme o se ke wa ba wa di rekisa.


“Lona, mamelang dipolelo tsena ka hloko, hobane Mora Motho o se a tla neelwa matsohong a batho.”


Ya jang nama ya ka, a enwa madi a ka, o dula ka ho nna, le nna ka ho yena.


Ya bolokang ditaelo tsa Modimo o phela ka ho Modimo, le Modimo o phela ka ho yena. Ka Moya o Halalelang oo Modimo a re neileng wona, re tseba hore Modimo o phela ka ho rona.


Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.


Mang le mang ya kgelohang, ya sa kgomareleng thutong ya Kreste, Modimo ha a yo ka ho yena, empa ya kgomarelang thutong ya Kreste, ke yena eo Ntate le Mora ba leng ka ho yena.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ