Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:23 - BIBELE

23 Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

23 E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

23 E mong le e mong ya latolang Mora, le yena ha a na Ntate; (empa) ya bolelang Mora o na le yena le Ntate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:23
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Tsohle ke di neetswe ke Ntate, mme ha ho ya tsebang Mora haese Ntate, hape ha ho ya tsebang Ntate haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.


“Ntate o nneile tsohle, mme ha ho ya tsebang hore na Mora ke mang, haese Ntate; le hore na Ntate ke mang, haese Mora, le eo Mora a ratang ho mo senolela yena.”


Tsena tsohle ba tla di etsa hobane ba sa ka ba tseba Ntate leha e le nna.


Bophelo bona bo sa feleng ke hore ba o tsebe, o le Modimo a le mong, wa nnete, le Jesu Kreste eo o mo romileng.


hore bohle ba hlomphe Mora jwalokaha ba hlompha Ntatae. Ya sa hlompheng Mora ha a hlomphe Ntatae ya mo romileng.


Jwale ba re ho yena: “Ntatao o kae?” Jesu a araba, a re: “Ha le ntsebe, le Ntate ha le mo tsebe; hoja le ne le ntseba, le Ntate le ka be le mo tseba.”


Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.


Mang le mang ya pakang hore Jesu Kreste ke Mora wa Modimo, Modimo o phela ka ho yena, le yena o phela ka ho Modimo.


Le tla tseba moya o tswang ho Modimo ka sena: Moya o mong le o mong o pakang Jesu Kreste ya tlileng e le motho, o tswa ho Modimo;


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Hape re a tseba hore Mora wa Modimo o tlile, mme o re neile kutlwisiso, hore re tle re tsebe Modimo wa nnete. Re phela ka ho Modimo wa nnete, ka ho Mora wa hae, Jesu Kreste. Yena ke Modimo wa nnete, ke bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ