Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:22 - BIBELE

22 Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Ya leshano ke mang, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena e leng antikreste.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

22 Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

22 Moaki ke mang haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ke antikreste, ya latolang Ntate le Mora.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.


Le tswa ho ntata lona, Diabolosi, mme le rata ho phetha ditakatso tsa ntata lona. Yena e bile mmolai ho tloha tshimolohong, mme ha a a ka a ema nneteng, hobane ha ho nnete ka ho yena. Ha a bua leshano, o bua tseo e leng tsa hae, kahobane o leshano, ke raleshano.


Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.


Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.


Mang le mang ya latolang Mora, o latola le yena Ntate; ya pakang Mora, o paka le yena Ntate.


Ya reng: “Ke a mo tseba,” empa a sa boloke ditaelo tsa hae, o leshano, ha a na nnete.


Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.


athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.


Mang le mang ya dumelang hore Jesu ke Kreste o tswetswe ke Modimo, mme mang le mang ya ratang motswadi, o rata le tswala ya hae.


Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.


Ho na le batho ba bang ba keneng hara lona ka sekgukgu, bao kahlolo ya bona e leng kgale e ngotswe. Ke ba kgopo, ba nkang mohau wa Modimo wa rona e le tumello ya ho etsa tse manyala; ke ba latolang Monga rona ya inotshi, le Morena wa rona Jesu Kreste.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ