Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:2 - BIBELE

2 Ke yena ya ikentseng nyehelo ka baka la dibe tsa rona; e seng tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona; e seng ya tsa rona feela, empa e le le ya tsa lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

2 Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona, mme e seng tsa tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Ke yena e leng pheko ya dibe tsa rona, mme e seng tsa tsa rona feela, empa le tsa lefatshe lohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:2
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa podi eo lotho le e ntshitseng e le ya Asasele, e tla emiswa kapele ho Morena e ntse e phela, hore a tle a etsetse tefelo ya sebe hodima yona, e nto lelekelwa lehwatateng ho Asasele.


“Mohlanka a re: ‘Monghadi, ke phethile taelo ya hao, feela ho sa na le sebaka.’


Ka la hosasane Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: “Bonang Konyana ya Modimo e tlosang sebe sa lefatshe!


mme nna, ha ke se ke phahamisitswe, ke tlohile lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.”


Ba re ho mosadi: “Ha e sa le ka baka la puo ya hao feela re dumelang; re ikutlwetse ka borona, mme re a tseba hore ruri monna enwa ke Mopholosi wa lefatshe.”


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Le a tseba hore Kreste o tlile ho tlosa dibe, mme ha a na sebe.


Seo lerato le leng sona ke sena: hase hore ke rona ba ratileng Modimo, empa ke yena ya re ratileng, a ba a romela Mora wa hae, hore e be nyehelo ka baka la dibe tsa rona.


Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe.


Re a tseba hore re ba Modimo, le hore lefatshe lohle le pusong ya E Mobe.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ