Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:18 - BIBELE

18 Bana ba ka, e se e le nako ya bofelo. Kamoo le utlwileng kateng hore Sera sa Kreste se a tla, hona jwale dira tsa Kreste di se di le teng ka bongata, mme ke ka hona re tsebang hore e se e le nako ya bofelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Bana, ke nako ya qetello; mme jwalokaha le utlwile hobane antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba hlahile; ke kahoo re tsebang hobane ke nako ya qetello.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

18 Bana, ke nako ya bofelo, mme jwalokaha le utlwile hore antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba le teng; ka hona re tsebang hobane ke nako ya ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

18 Bana, ke nako ya bofelo, mme jwalokaha le utlwile hore antikreste o ya tla, le jwale boantikreste ba bangata ba se ba le teng; ka hona re tsebang hobane ke nako ya ho qetela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:18
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tla hlaha baporofeta ba bohata ba bangata, ba kgelose ba bangata,


hobane bo-Kreste ba bohata le baporofeta ba bohata ba tla hlaha, mme ba tla etsa dipontsho le dimakatso tse kgolo hore, haeba ho ka etsahala, ba tle ba kgelose le bona bakgethwa.


Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna Kreste,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.


Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka, ba re: ‘Ke nna,’ mme ba tla kgelosa ba bangata.


Jesu a re ho bona: “Bana ba ka, na le na le tlhapi?” Ba mo araba, ba re: “Tjhe.”


Etsang jwalo, ka ho tseba hore nako e fihlile. E se e le nako ya hore le tsohe borokong, hobane kajeno ho pholoswa ho haufi le rona ho feta mohla re qalang ho dumela.


Bosiu bo se bo tla sa, letsatsi le haufi le ho tjhaba. Ka hona a re lahleng mesebetsi ya lefifi, re apare dihlomo tsa lesedi.


empa jwale matsatsing ana a qetello o buile le rona ka Mora wa hae, eo a entseng tsohle ka yena, mme a mo etsa mojalefa wa tsona.


O ne a kgethwe ke Modimo lefatshe le eso thewe, feela a bonahatswa dinakong tsena tsa bofelo ka baka la lona.


Ka baka la tumelo ya lona, matla a Modimo a le sireletsa ho le isa pholohong, e seng e loketse ho bonahatswa nakong ya bofelo.


Qetello ya dintho tsohle e atametse. Ebang le boitshwaro, mme le fadimehele ho rapela.


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Pele ho tsohle tsebang hona: Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona, ba some,


Ya leshano ke ofe, haese ya latolang hore Jesu ke Kreste? Ya latolang Ntate le Mora ke yena Sera sa Kreste.


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


athe moya o mong le o mong o sa pakeng Jesu, ha o tswe ho Modimo. Moya o jwalo ke wa Sera sa Kreste, seo le utlwileng hore se a tla, se seng se bile se le teng hona jwale lefatsheng.


Hohle lefatsheng ho tletse bathetsi, ba sa pakeng hore Jesu o ile a tla e le motho. Ya buang jwalo ke yena mothetsi le Sera sa Kreste.


Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ