Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:14 - BIBELE

14 Lona bana, ke le ngoletse hobane le tseba Ntate. Lona bo-ntate, ke le ngoletse hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngoletse hobane le matla, mme le bolokile lentswe la Modimo ka ho lona, le bile le hlotse E Mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

14 Ke le ngoletse lona bontate, hobane le tsebile ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Ke le ngoletse, bahlankana, kahobane le le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ke le ngoletse lona bontate, hobane le tsebile ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Ke le ngoletse, bahlankana, kahobane le le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:14
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke bolokile tshepiso ya hao, ka e boloka ka pelong ya ka, hore ke se ke ka o sitelwa.


Ha le dula ka ho nna, le dipolelo tsa ka di dula ka ho lona, kopang seo le se batlang, mme le tla se newa.


mme lentswe la hae ha le dule ka ho lona, kahobane ha le dumele eo a mo romileng.


Jwale Jesu a re ho Bajuda ba dumetseng ho yena: “Ha le tiisetsa lentsweng la ka, le barutuwa ba ka kannete;


Ke a tseba hore le ditloholo tsa Aborahama, empa le batla ho mpolaya, hobane lentswe la ka ha le fumane sebaka ka ho lona.


Ke qetella ka ho re: Imatlafatseng ka matla a maholo a Morena.


Nka etsa tsohle ka Kreste ya mmatlafatsang.


Le tla matlafatswa ka mekgwa yohle, ka matla a tswang tlotleng ya hae, hore le tle le be le tiisetso le mamello e phethehileng.


Lentswe la Kreste le ahe ka ho lona ka menono yohle ya lona. Rutanang, mme le eletsane ka bohlale bohle. Ka dipelo tse tletseng teboho, binelang Modimo dipesalema, difela le dipina tse halalelang.


Jwale wena ngwanaka, o matlafale ka mohau wa Kreste Jesu.


Selekane seo ke tla se etsa le ba ntlo ya Iseraele, hoba matsatsi ao a fete, ho rialo Morena, ke sena: Ke tla kenya molao wa ka maikutlong a bona, ke o ngole kahara dipelo tsa bona; ke be Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.


Haeba re re ha re eso etse sebe, re re o leshano, mme lentswe la hae ha le yo ho rona.


Lona bo-ntate, ke le ngolla hobane le tseba ya bileng teng ho tloha tshimolohong. Lona bahlankana, ke le ngolla hobane le hlotse E Mobe.


Ke ba rata ka baka la nnete e ka ho rona, e tla nne e be ka ho rona kamehla yohle.


Ke ile ka itumela haholo ha badumedi ba bang ba etla, mme ba paka kamoo o tsamayang nneteng kateng.


O tiiseditse, wa mamella matshwenyeho ka baka la lebitso la ka, wa se ke wa kgathala.


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja sefate sa bophelo, se ka paradeising ya Modimo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ