Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:12 - BIBELE

12 Bana ba ka, ke le ngolla hobane le tshwaretswe dibe tsa lona ka baka la lebitso la Jesu.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bana, ke a le ngolla, kahobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

12 Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

12 Ke le ngolla, bana ba banyenyane, hobane le tshwaretswe dibe ka baka la lebitso la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa o ile a ba pholosa ka baka la lebitso la hae, hore ho tle ho bonahatswe matla a hae.


Ka baka la lebitso la hao Morena, ntshwarele molato wa ka, hobane o moholo.


Oho, Morena, leha re qoswa ke dibe tsa rona, ako re thuse ka baka la lebitso la hao. Re kgelohile haholo, re fela re o sitetswe!


le hore ka lebitso la hae, ditjhaba tsohle di phatlalletswe pako le tshwarelo ya dibe, ho qala Jerusalema.


Ha a bona tumelo ya bona, a re: “Monna, o tshwaretswe dibe tsa hao.”


Baporofeta bohle ba a mo paka, ba re e mong le e mong ya dumelang ho yena o tla amohela tshwarelo ya dibe ka lebitso la hae.”


“Ka baka leo, tsebang he, bana beso, hore ka Jesu le phatlalletswa tshwarelo ya dibe. Le dinthong tsohle tseo le neng le sitwa ho fumanwa le se molato ho tsona ka Molao wa Moshe,


“Ha ho e mong ya pholosang ntle ho yena, hobane ha ho na lebitso le leng lesele tlasa letsatsi, le neilweng batho, leo re tshwanelang ho pholoswa ka lona.”


Ba bang ba lona le ne le le jwalo, empa le ile la hlatsuwa, la halaletswa, la lokafatswa ka lebitso la Morena Jesu Kreste, le ka Moya wa Modimo wa rona.


Ke ka yena, ka madi a hae, re lopolotsweng, ra tshwarelwa dibe, ka baka la boholo ba mohau wa hae.


Rekolohelanang, le hauhelane, le tshwarelane, jwalokaha le Modimo a le tshwaretse ka Kreste.


eo ka yena re fumanang topollo le tshwarelo ya dibe.


Re le ngolla tsena hore le tle le thabe, mme thabo ya lona e be e tletseng.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Ha re ipolela dibe tsa rona, Modimo o tla re tshwarela tsona, mme a re hlwekise bokgopo bohle, kaha o a tshepahala, mme o lokile.


Bana ba ka, ke le ngolla tsena hore le tle le se ke la etsa sebe. Empa haeba motho a ka etsa sebe, re na le mmuelli ya re buellang ho Ntate: ke Jesu Kreste, ya lokileng.


Ha ke a le ngolla hobane le sa tsebe nnete, empa ke hobane le e tseba, le tseba le hore ha ho leshano le ka tswang nneteng.


Baratuwa, taelo eo ke le ngollang yona hase e ntjha, empa ke taelo ya kgale, eo le bileng le yona ho tloha tshimolohong. Taelo eo ya kgale ke lentswe leo le neng le le utlwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ