Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 2:11 - BIBELE

11 Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing; o tsamaya lefifing, ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi leo le foufaditse mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa ya hloileng ngwanabo, o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, kahobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

11 Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

11 Empa ya hloileng ngwanabo o lefifing, mme o tsamaya lefifing, mme ha a tsebe moo a yang teng, hobane lefifi le foufaditse mahlo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 2:11
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abosalome a se ke a hlola a buisana ntho efe kapa efe le Amanone, hobane o ne a hloile Amanone, kaha o ne a ile a beta Tamare, kgaitsedi ya hae.


Tsela ya ba kgopo e ka fifi le letsho, ha ba tsebe se ba kgothometsang.


Ya bohlale o na le mahlo a tjhatsi, athe sethoto se itsamaela lefifing. Ha e le nna ka hlokomela hona: Bohle pheletso ya bona e a tshwana.


“ ‘O se ke wa jara ngwaneno ka pelo. O kgalemele mohaeno, esere wa itjarisa sebe ka baka la hae.


Jesu a re ho bona: “Lesedi le sa na le lona ka nakwana. Tsamayang ha le sa ntse le ena le lesedi, esere mohlomong lefifi la le tshwara. Ya tsamayang lefifing ha a tsebe moo a yang teng.


“O foufaditse mahlo a bona, a thatafatsa dipelo tsa bona, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba utlwisisa ka pelo, ba sokoloha, mme ka ba fodisa.”


Empa dikelello tsa bona di ne di thotofetse. Ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno ha ba bala Testamente ya Kgale, lesira lane le ntse le ba siretse, ha le a tloswa; le fediswa ke Kreste feela.


e leng ba sa dumelang, bao modimo wa lefatshe lena o foufaditseng dikelello tsa bona hore ba se ke ba bona lesedi la molaetsa o molemo wa tlotla ya Kreste, eo e leng setshwantsho sa Modimo.


Pele le rona re ne re le dithoto, re hana ho mamela, re kgelohile, re le makgoba a ditakatso le a menyaka ya mefutafuta, re phela ka lonya le ka mona, re hloyehile, re hloyane.


Ya se nang tsena ke sefofu se phopholetsang lefifing, ebile o lebetse le hore nakong e fetileng o ile a hlatsuwa dibe tsa hae.


Haeba re re re phedisana le yena, empa re phela lefifing, re leshano, mme ha re phethe tsa nnete.


Ya ratang ngwanabo o phela leseding, mme ha ho letho ka ho yena le ka mo dihelang sebeng.


Ya reng yena o leseding, empa a hloile ngwanabo, o sa ntsane a le lefifing le jwale.


Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.


Ha e mong a re: “Ke rata Modimo,” empa a hloile ngwanabo, o leshano, hobane ya sa rateng ngwanabo, eo a mmonang, ha a ka ke a rata Modimo eo a esong ho mmone.


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ