Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Johanne 1:1 - BIBELE

1 Re le ngolla tsa Lentswe la bophelo, le bileng teng ho tloha tshimolohong, leo re ileng ra le utlwa, ra le bona ka mahlo a rona, ra le boha, ra ba ra le ama ka matsoho a rona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Se neng se le teng esale ho qaleng, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se bohileng, seo matsoho a rona a se amileng, e leng sa lentswe la bophelo —

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Baasraak Sotho NT

1 Seo se neng se le teng ho tloha tshimolohong, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se boneng, mme matsoho a rona a se tshwere, sa Lentswe la bophelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

1 Seo se neng se le teng ho tloha tshimolohong, seo re se utlwileng, seo re se boneng ka mahlo a rona, seo re se boneng, mme matsoho a rona a se tshwere, sa Lentswe la bophelo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Johanne 1:1
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya entseng hore tsee di etsahale ke mang? ya bitsitseng meloko ho tloha tshimolohong ke mang? Ke nna Morena, ebile ke nna wa ho qala, ke nna Morena ya tla ba le ba ho qetela.”


“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”


jwalokaha re di neeleditswe ke ba di boneng ka mahlo ho tloha qalong, mme ba fetoha basebeletsi ba lentswe,


Bonang matsoho a ka le maoto a ka, hore ke nna ka sebele. Ntoboketseng le utlwe, hobane sethotsela ha se na nama le masapo, kamoo le mponang ke ena le tsona kateng.”


Ya boneng o pakile, mme bopaki ba hae ke ba nnete, mme yena eo o tseba hore o bolela nnete, hore le lona le dumele.


Yaba o re ho Thomase: “Tlisa monwana wa hao mona, o bone matsoho a ka; o tlise le letsoho la hao, o le kenye lehlakoreng la ka, mme o se ke wa hloka tumelo, o mpe o be le tumelo.”


Jwalokaha Ntate a ena le bophelo ka ho yena, o neile le Mora ho ba le bophelo ka ho yena.


Jesu a re ho bona: “Kannetenete, ke a le bolella, Aborahama a eso tswalwe, nna e ne e se ntse e le nna.”


Kamora tlhokofatso ya hae, o ile a iponahatsa ho bona a phela, ka bopaki bo bongata, ba nnete; ba mmona ka matsatsi a mashome a mane, a ntse a bua ka tsa Mmuso wa Modimo.


Rona ha re ka ke ra phetsa ho bua ka tseo re di boneng le tseo re di utlwileng.”


Jwale rona re tla phonyoha jwang, ha re eisa ho pholoswa ho hoholo hakaalo, hoo Morena e bileng wa pele ho ho bolela, mme ra ho pakelwa ka ho tiya ke ba ho utlwileng?


Rona re bone, mme re paka hore Ntate o romile Mora hore e be Mopholosi wa lefatshe.


le reng: “Seo o se bonang, o se ngole bukeng, mme o e romelle dikereke tse supileng, e leng e Efese, e Semirna, e Peregamose, e Thiatira, e Saredeise, e Filadelfia, le e Laodisea.”


“Ke nna Alfa le Omega,” ho rialo Morena Modimo, ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla, ya matla wohle.


O apere seaparo se innweng mading. Lebitso la hae ke Lentswe la Modimo.


“Ngolla moruti wa kereke e Semirna, o re: “Tsena di bolelwa ke eo e leng Wa Pele le Wa ho Qetela, ya ileng a shwa, a boela a phela,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ