Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:25 - BIBELE

25 Bana babo bona, ba metseng ya bona, ba ne ba etla ka nako le nako, kamora matsatsi a supileng, ho tla ba phomotsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Banababo bona ba neng ba le metsaneng ya bona, ba ne ba tshwanetse ho tla ho bona kamora tshiu tse supileng, ho ya ka dinako tse beilweng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:25
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba o a ba laela, o re: “Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, se tla lebela le ntlo ya kgosi.


Dihlopha tsa lona tse pedi, tse phomolang ka Sabatha, di tla lebela Tempele ya Morena, di sireletse kgosi.


Ba ne ba sebeletsa ka Tempeleng ya Morena ka tlhatlhamano yona ena, ho latela melao eo ba neng ba e laetswe ke Arone, moholoholo wa bona, jwalokaha Morena Modimo wa Iseraele, a ne a ile a mo laela.


Balebedi ba menyako ba ne ba lebela mahlakore a mane, ke ho re ka botjhabela, le ka bophirimela, le ka leboya, le ka borwa.


Balebedi ba menyako ba bane, ba baholo, bao e neng e le Balevi, ba ne ba hlokomela dikamore, le matlole a Tempele ya Modimo.


Seo le tla se etsa ke sena: Sehlopha sa pele, sa dihlopha tse tharo, se kenang mosebetsing ka Sabatha, e leng sa baprista le Balevi, se tla lebela menyako.


Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ