Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:22 - BIBELE

22 Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Bao kaofela ba neng ba kgethilwe ho ba balebedi ba menyako, e ne e le ba makgolo a mabedi a leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ka masika a bona metsaneng ya bona, e le ba neng ba kgethetswe kabelo eo e tiileng, ke Davida le Samuele seboni.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:22
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena.


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.


le Obadiya, mora wa Shemaya, setloholo sa Galale, setloholwana sa Jedutune, le Berekiya, mora wa Asa, setloholo sa Elekana ya neng a ahile metseng ya Banetofa.


Ka baka leo, banna bao le bara ba bona, ba ne ba lebela menyako ya Tempele ya Morena, e leng Tente ya Morena.


Matiteya, e mong wa Balevi, e leng letsibolo la Shalome, wa morabe wa Kora, o ne a hlokomela tsohle tse phehwang ka dipane.


A bea balebedi menyakong ya Tempele ya Morena, e le hore mang kapa mang ya sesila a se ke a kena ka ho yona.


Metseng ya baprista, e leng moo a neng a sebeletsa teng ka botshepehi, a fepa ba baholo le ba banyenyane ho ya ka dihlopha tsa bona ka ho tshwana; o ne a thuswa ke Edene, le Mineyamine, le Jeshua, le Shemaya, le Amariya, le Shekaniya.


Ha hlophiswa le lenane la masea a bona, le la basadi ba bona, le la bara ba bona, le la baradi ba bona setjhabeng sohle, ho ya ka buka ya leloko la bona. Ka baka la boemo ba bona, baprista ba ne ba itlhwekisa ka botshepehi, ha ba ilo sebetsa ka dintho tse halalelang.


Ho ne ho ena le dihlopha tse ding tsa Balevi, tse neng di ahile naheng ya ba morabe wa Juda, le naheng ya ba morabe wa Benjamine.


Ka yona nako eo, ha kgethwa baokamedi ba matlo a polokelo ya matlotlo, le a polokelo ya dinyehelo, le a polokelo ya dilopotsiya, le a polokelo ya karolo e le nngwe ya ntho e nngwe le e nngwe eo ho fanweng ka yona ho tse leshome. Masimong a pela metse ba ne ba bokella diabo tseo Molao o reng e be tsa baprista le Balevi, hobane ba morabe wa Juda ba ne ba thabetse baprista le Balevi ba neng ba sebeletsa.


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ