Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:19 - BIBELE

19 Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Shallume, mora Kore, mora Ebiasafe, mora Kore, a ena le banababo ba ntlo ya ntatae, e leng Bakore, ba ne ba tshwere mosebetsi wa ho lebela menyako ya tabernakele; haele bontata bona, ba neng ba disa diahelo tsa Jehova, e ne e le balebedi ba monyako wa tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:19
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa moprista Jehoyada a laela balaodi ba ba makgolo, e leng baokamedi ba mabotho, a re ho bona: “Mo ntshetseng kantle ho mabala a Tempele! Motho ya tla mo sala morao le mmolaye ka sabole!” Moprista o ne a ile a inahana, a re: “Ha a tshwanele ho bolaelwa mabaleng a Tempele ya Morena.”


Balaodi ba ba makgolo ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng; motho le motho a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha, le ba phomolang ka Sabatha, ba ya ho moprista Jehoyada.


E ne e ye ere ha ba bona hore tjhelete e se e le ngata ka letloleng, ebe mongodi wa kgosi, le Moprista e Moholo, ba a tla, ba fihla ba bala tjhelete e ka Tempeleng ya Morena, ba nto e tshela ka mokotlaneng.


Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.


Mehleng ya pele, Finease, mora wa Eleasare, e ne e le mookamedi wa bona, mme Morena a ena le yena.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Thothokiso e nang le thuto, ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Pesalema ya bara ba Kora, e qapetsweng motsamaisi wa dibini.


Modimo, wena thebe ya rona, ako tadime, o bone sefahleho, fahleho sa motlotsuwa wa hao.


Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.


Molaodi wa balebedi a thopa Seraya, Moprista e Moholo, le Sofonea, letsoho la Moprista e Moholo, le balebedi ba bararo ba monyako wa Tempele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ