Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:18 - BIBELE

18 Pele ho mona, ba ne ba lebela kgoro ya kgosi e ka botjhabela, e le bona ba lebelang kgoro ya diahelo tsa Balevi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 ho fihlela jwale, o ne a lebeletse monyako wa morena ka nqa botjhabela; e be e le bona balebedi ba menyako dihlopheng tsa bara ba Levi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:18
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dijo tseo a di jang, le moo matona a hae a dulang teng, le moo basebeletsi ba hae ba emang teng, le diaparo tsa bona, le baqhatsetsi ba hae, le dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena, a kgathala matla.


Jehoyada a nka balaodi ba ba makgolo, le balebedi ba ntlo ya kgosi, hammoho le setjhaba sohle, ba tlosa kgosi Tempeleng ya Morena. Ba tsamaya ka tsela e fetang kgorong ya balebedi, ba ya tlung ya kgosi, mme kgosi ya fihla ya dula setulong sa bokgosi.


Kahobane kgosi Akase a ne a rata ho kgahlisa kgosi ya Asiria, a fedisa tselana e ruletsweng, eo a neng a tsamaya ka yona ka Sabatha, a kwala le monyako o kantle, oo a neng a kena ka wona ka Tempeleng ya Morena.


Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome.


Shalome, mora wa Kore, setloholo sa Abiasafo, setloholwana sa Kora, le bana babo, ba lelapa la Kora, e ne e le baokamedi ba mosebetsi oo, e le balebedi ba menyako ya Tente ya Morena, jwalokaha bo-ntata bona ba ne ba okametse lebotho le lebelang menyako ya Tente ya Morena.


Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.


Yaba monna eo o nkgutlisetsa kgorong e kantle ho Sehalalelo, e shebileng botjhabela. Kgoro eo e ne e kwetswe.


Ha monna eo a ntse a itshwareletse ka Petrose le Johanne, batho bohle ba mathela ho bona mathuleng a bitswang a Solomone, ba maketse haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ