1 Dikronike 9:17 - BIBELE17 Balebedi ba menyako ya Tempele e ne e le Shalome, le Akube, le Talamone, le Ahimane, le bana babo bona. Mookamedi wa bona e ne e le Shalome. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)17 Balebedi ba menyako ke Shallume, Akkube, Thalmone, Akimane, le banababo bona; Shallume e ne e le hlooho ya bona; အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ho ya ka taelo ya Davida, ntatae, a kgethela dihlopha tsa baprista mesebetsi ya tsona, le Balevi a ba kgethela hore ba rorise Modimo, ba thuse le baprista, ho ya kamoo ho neng ho hlokahala kateng ka letsatsi le letsatsi. A kgetha le dihlopha tsa balebedi ba monyako o mong le o mong wa Tempele, hobane Davida, mohlanka wa Modimo, o ne a laetse jwalo.