Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:14 - BIBELE

14 Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho Balevi, ke Shemaia, mora Hashube, mora Asrikame, mora Hashabia, wa bara ba Merari;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

La leshome le metso e robedi la ntsha Hanani, le bara ba hae, le bana babo, mme kaofela ba eba leshome le metso e mmedi.


Dihlopha tsa balebedi ba menyako di ne di eme tjena: Ho bara ba Kora e ne e le Meshelemiya, mora wa Kore, e mong wa bara ba Asafo.


Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena.


Bana ke bara ba Merari: Mahele le Mushi. Ana ke wona malapa a morabe wa Levi, ho ya ka bo-ntata bona.


Bara ba Merari: Merari a tswala Mahele, Mahele a tswala Lebeni, Lebeni a tswala Shimei, Shimei a tswala Usa,


Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.


Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo.


le Bakabakare, le Hereshe, le Galale, le Mataneya, mora wa Mmika, setloholo sa Sikeri, setloholwana sa Asafo,


Bara ba Balevi, e leng dihlooho tsa malapa a bo-ntata bona, ba ngolwa Bukeng ya Diketsahalo, ho fihlela le mehleng ya Johanane, mora wa Eleashibe.


Dihlooho tsa Balevi e ne e le bo-Hashabiya, le Sherebiya, le Jeshua, mora wa Kademiele, le bana babo bona, ba neng ba ema ba tobane le bona, ba rorisa, ba leboha Modimo, ho ya ka taelo ya Davida, mohlanka wa Modimo, mme ba neeletsana ha ba bina.


Bana ke Balevi ba ileng ba balwa ho ya ka malapa abo bona: Gereshone ya tswetseng morabe wa Gereshone; le Kohate, ya tswetseng morabe wa Kohate; le Merari, ya tswetseng morabe wa Merari.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ