Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 9:13 - BIBELE

13 Bana babo bona bao e neng e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba ne ba le sekete le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng. E ne e le banna ba tsebang ho sebeletsa ka Tempeleng ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 le banababo bona, dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le batho ba sekete se nang le makgolo a supileng le mashome a tsheletseng; e ne e le banna ba matla mosebetsing wa tshebetso ya ntlo ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 9:13
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hara ditloholo tsa Heborone, Hashabiya le bana babo ba sekete le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e ne e le bona baokamedi ba mosebetsi wohle wa Morena, ba okametse le tshebeletso yohle ya kgosi naheng ya Iseraele e ka bophirimela ho Jorodane.


Bang ka yena, ba dikete tse pedi le makgolo a supileng bao e neng e le bahale, e bile e le dihlooho tsa malapa abo bona, ba laelwa ke Davida hore ditabeng tsohle tsa borapedi, le tsa puso, ba okamele ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le ba karolo ya morabe wa Manase.


Mora wa hae Shemaya a tswala bara ba neng ba busa lelapa lohle labo bona, hobane e ne e le bahale.


le Adaya, mora wa Jerohame, eo baholoholo ba hae e neng e le bo-Pashahure, le Malakiya, le Maasai, le Adiele, le Jahesera, le Meshulame, le Meshilemite, le Imere.


Balevi ba neng ba ahile Jerusalema ke bana: Shemaya, mora wa Hashube, setloholo sa Asarikama, setloholwana sa Hashabiya, e mong wa bara ba Merari,


Bana babo bona, bao e neng e le bahale, ba ne ba le lekgolo le mashome a mabedi a metso e robedi. Mookamedi wa bona e ne e le Sabediele, mora wa Hagedoleme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ