Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 7:29 - BIBELE

29 Meeding ya ba morabe wa Manase e le Bete-Sheane le metsana ya yona, le Taanake le metsana ya yona, le Megido le metsana ya yona, le Dore le metsana ya yona. Bara ba Josefa, mora wa Iseraele, ba ne ba ahile metseng ena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 pela moedi wa bana ba Manasse ke Bethe-Sheane le metsana ya teng, Thaanake le metsana ya teng, Megiddo le metsana ya teng, Dore le metsana ya teng. Metseng eo, ho ne ho ahile bana ba Josefa, mora Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 7:29
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baana, mora wa Ahilode, o ne a okametse Taanake le Megido, le Bete-Sheane yohle e haufi le Saretane, tlasa Jesereele, ho tloha Bete-Sheane ho ya fihla Abele-Mehola, le ho ya fihla ka nqane ho Jokoneame.


Kgosi Solomone o ne a ile a sebedisa makgoba hore a hahe ntlo ya Morena, le ntlo ya hae, le Milo, le lerako la Jerusalema, le Hasore, le Megido, le Gesere.


Mehleng ya Josiya, Faro Neko, kgosi ya Egepeta, a nyolohela nokeng ya Euferatese ho ya thusa kgosi ya Asiria. Yaba kgosi Josiya o a mo kgaoletsa. Ba kopana Megido, mme Josiya a bolaelwa hona moo.


Ha Akasiya, kgosi ya Juda, a bona hona, a baleha ka tsela e lebang Bethekane. Jehu a mo salama, a re: “Le yena enwa mo fulelleng ka kariking ya hae ya ntwa!” Ba mo fula ha a le moepeng o nyolohelang Gure, haufi le Jibeleame. Akasiya a balehela Megido, a ya shwela teng.


Leha ho le jwalo, Josiya a hana ho kgutla, a ikgakanya, e le hore a tle a mo lwantshe. A se ke a mamela mantswe a Neko, a tswang molomong wa Modimo, a ya ka kgohlong ya Megido ho ya lwantsha Neko.


Mohla tsatsi leo, sello sa Jerusalema e tla ba sa mmokotsane, se tshwane le sa mohla ho neng ho llelwa Hadade-Rimone, phuleng ya Megido.


Yaba dikgosi di bokellwa sebakeng se bitswang Haremagedone ka Seheberu.


“Dikgosi tsa fihla tsa lwana, dikgosi tsa Kanana tsa lwana di le Taanake, di le Taanake pela metsi a Megido, empa ha di a ka tsa hapa silefera.


Ba bea seaparo sa hae sa ntwa ka tempeleng ya Asetarote; ba thakgisa setopo sa hae lerakong la Bete-Shane.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ