Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:71 - BIBELE

71 Ba morabe wa Gereshone ba abelwa metse ena: Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Golane e Bashane le makgulo a yona, le Ashetorate le makgulo a yona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

71 Bara ba Gershome bona ba newa, mothapong o mong wa leloko la Manasse, Golane le mathoko a teng naheng ya Bashane, le Ashtarothe le mathoko a teng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:71
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase ba abelwa Anere le makgulo a yona, le Bileame le makgulo a yona. Metse ena ya abelwa malapa a setseng a ba morabe wa Kohate.


Naheng e abetsweng ba morabe wa Isakare ba abelwa Kedeshe le makgulo a yona, le Daberate le makgulo a yona,


Hoba a hlole Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote, mane Ederei,


Motse wa Besere, o lehwatateng, phuleng, e ne e le wa morabe wa Rubene; wa Rama, o Gileade, e le wa morabe wa Gade; wa Golane, o Bashane, e le wa morabe wa Manase.


Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.


Kamose wane ho Jorodane, ka botjhabela ho Jeriko, morabeng wa Rubene, ba kgetha Besere e lehwatateng le phuleng; morabeng wa Gade ba kgetha Rama e Gileade; morabeng wa Manase ba kgetha Golane e Bashane.


Naheng ya karolo e nngwe ya morabe wa Manase bana ba Gereshone, ba malapa a Balevi, ba abelwa motse oo babolai ba tshabelang ho wona, e leng Golane e Bashane le makgulo a yona, le Beshetera le makgulo a yona. Ya eba metse e mmedi.


Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


Re utlwile le seo a se entseng ho dikgosi tse pedi tsa Baamore, tse neng di le kamose wane ho Jorodane, e leng Sihone, kgosi ya Heshebone, le Oge, kgosi ya Bashane, ya neng a ahile Ashetarote.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ