Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:62 - BIBELE

62 Ditloholo tsa Gereshone, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e meraro naheng ya ba morabe wa Isakare, le ho ya ba morabe wa Ashere, le ho ya ba morabe wa Nafthali, le ho ya ba morabe wa Manase, ba ahileng Bashane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

62 Bara ba Gershome bona, ka ho ya ka meloko ya bona, ba newa metse e leshome le metso e meraro lelokong la Issaskare, le lelokong la Asere, le lelokong la Nefthali, le lelokong la Manasse naheng ya Bashane.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:62
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi ba bang ba ne ba abetswe mesebetsi e meng yohle ka Tenteng ya Morena.


Ba bang ba morabe wa Kohate ba abelwa ka lotho metse e leshome naheng e abetsweng karolo ya ba morabe wa Manase.


Ditloholo tsa Merari, ho ya ka malapa abo tsona, tsa abelwa metse e leshome le metso e mmedi naheng ya ba morabe wa Rubene, le wa Gade, le wa Sebulone, tsa e abelwa ka lotho.


Sefora a tswala mora, mme Moshe a mo rea lebitso la Gereshome, hobane o ne a re: “Nna ke mojaki naheng ya baditjhaba.”


Moedi o ne o fihla Tabore, le Shahasaime, le Bete-Shemeshe; o yo fella Jorodane. E ne e le metse e leshome le metso e tsheletseng, le metsana ya yona.


Naheng ya Bashane bana ba Gereshone ba abelwa ka lotho metse e leshome le metso e meraro, e tswang malapeng a morabe wa Isakare, le a morabe wa Ashere, le a morabe wa Nafthali, le a karolo e nngwe ya morabe wa Manase.


Bana ba Merari, ho ya ka malapa abo bona, ba abelwa metse e leshome le metso e mmedi, e tswang ho ba morabe wa Rubene, le ho ba morabe wa Gade, le ho ba morabe wa Sebulone.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ