Moprista Sadoke, le moporofeta Nathane, ba mo tlotsetse hona teng, e be kgosi ya Baiseraele. Jwale le letse lenaka, le howe, le re: ‘Kgosi Solomone a ke a re phelele!’
Empa bo-moprista Sadoke, le Benaya, mora wa Jehoyada, le moporofeta Nathane, le Shimei, le Rei, le mokgetho wa bahale ba Davida, bona ba se ke ba ananela morero ona wa Adoniya.
Davida a ba arola dihlopha, ho ya ka mosebetsi oo ba neng ba o abetswe. Ha a ba arola o ne a thusitswe ke Sadoke, setloholo sa Eleasare, le Ahimeleke, setloholo sa Itamare.
Jwalokaha bana babo bona, e leng ditloholo tsa Arone, ba ile ba etsa lotho, le bona ba le etsa moo Davida, le Sadoke, le Ahimeleke, le dihlooho tsa malapa a baprista le a Balevi, ba leng teng. Malapa a matsibolo le a dikgorula a ne a etswa ka ho tshwana.
“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.
Ke tla ikgethela moprista ya tshepahalang, ya tla etsa se ka pelong ya ka le ka moyeng wa ka. Ke tla tiisa lelapa la hae, mme le tla sebeletsa kapele ho motlotsuwa wa ka kamehla yohle.