Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:44 - BIBELE

44 Bana babo bona, e leng bara ba Merari, ba neng ba bina ba le ka letsohong la hae le letshehadi ke Etane mora wa Kishi, Kishi mora wa Abade, Abade mora wa Maloke,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Haele banababo bona, bara ba Merari, ba ne ba ema ka letsohong le letshehadi: e ne e le Ethane, mora Kishi, mora Abdi, mora Malluke,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:44
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Balevi ba kgetha Hemane, mora wa Joele; ho bana babo ba kgetha Asafo, mora wa Berekiya; ho bara ba Merari ba kgetha Etane, mora wa Kushaya.


Bo-Davida le balaodi ba mabotho ba kgetha ba bang ba bara ba Asafo, le ba Hemane, le ba Jedutune, hore ha diharepa, le dikatara, le matlheretlhere, di ba kenya moya, ba phatlalatse molaetsa wa Modimo. Lenane la banna ba neng ba sebetsa mosebetsi ona ke lena:


Hara bara ba Jedutune e ne e le Gedaleya, le Seri, le Jeshaya, le Shimei, le Hashabiya, le Matiteya. Ba ne ba tsheletse, mme ba okametswe ke ntata bona Jedutune, ya neng a letsa harepa ha a phatlalatsa molaetsa wa Modimo, a leboha Morena, a bile a mo rorisa.


Batho bana bohle ba ne ba okametswe ke ntata bona, ba bina ka Tempeleng ya Morena; ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa, nakong ya ditshebeletso ka Tempeleng ya Modimo, ho latela taelo ya kgosi ho bo-Asafo, le Jedutune, le Hemane.


Shimei mora wa Johate, Johate mora wa Gereshone, Gereshone mora wa Levi.


Maloke mora wa Hashabiya, Hashabiya mora wa Amasiya, Amasiya mora wa Hilekiya,


Pesalema ya Etane wa Moesera, e nang le thuto.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ