Ka lehlohonolo le tswang ho Modimo wa rona, ba re romela Sherebiya, monna ya nang le kutlwisiso, e leng e mong wa bara ba Mahadi, mora wa Levi, setloholo sa Iseraele. O ne a ena le bara ba hae, le bana babo, kaofela ba le leshome le metso e robedi,
Eleasare, mora wa Arone, a nka e mong wa baradi ba Putiele, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Finease. Ana ke mabitso a dihlooho tsa Balevi, ho ya ka malapa a bona.
Ho yena, le ho ditloholo tsa hae, selekane sena e tla ba sa boprista kamehla yohle, hobane o ile a boulella Modimo wa hae, a etsetsa bana ba Iseraele tefelo ya sebe.’ ”
Moshe a ba romela ntweng, e le sekete sa ba tswang morabeng o mong le o mong; bona le Finiase mora wa moprista Eleasare a ba romela ntweng, Finiase a nkile dijana tsa Sehalalelo le diterompeta tse hlabang mokgosi.
Bana ba Iseraele ba roma Finease, mora wa moprista Eleasare, ho bana ba Rubene, le ho bana ba Gade, le ho ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba le Gileade.
Ka matsatsi wona ao, Finease, mora wa Eleasare, mora wa Arone, e ne e le yena ya sebeletsang kapele ho yona. Jwale a re: “Na re ka boela ra futuhela bana babo rona, ba morabe wa Benjamine, kapa re kgaotse?” Morena a re: “Nyolohang, hobane hosasane ke tla neelana ka bona matsohong a lona.”