1 Dikronike 6:39 - BIBELE39 Ya neng a bina a eme ka letsohong le letona le Hemane, ke Asafo: Asafo mora wa Berekiya, Berekiya mora wa Shima, အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)39 E mong e ne e le Asafe, ngwanabo, ya neng a ema ka letsohong la hae le letona; ke Asafe, mora Berekia, mora Shimea, အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.
Balevi bohle, bao e neng e le dibini, e leng bo-Asafo, le Hemane, le Jedutune, le bara ba bona, le bana babo bona, ba ne ba eme ka botjhabela ho aletare, ba apere diaparo tsa lene tse tshweu, ba letsa matlheretlhere, le dikatara, le diharepa. Ba ne ba tlatsitswe ke baprista ba lekgolo le mashome a mabedi, ba neng ba letsa diterompeta.