1 Dikronike 6:32 - BIBELE32 Ha Solomone a eso ka a haha Tempele ya Morena, Jerusalema, ba ne ba ye ba binele kapele ho areka, ka Tenteng ya Morena. Ba ne ba bina ka ho hlahlamana, ho latela lenane le neng le hlophisitswe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)32 ba nna ba etsa tshebetso eo ka pina pela moo tabernakele ya tente ya pokano e hlomilweng teng, ho fihlela ha Salomone a haha ntlo ya Jehova Jerusalema; teng, ba boela ba tshwara tshebetso ya bona ka lenaneo la bona la ho fapana. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Dibini, e leng ditloholo tsa Asafo, di ne di le ditulong tsa tsona, ho ya ka taelo ya Davida, le ya Asafo, le ya Hemane, le ya Jedutune, senohe sa kgosi. Balebedi ba neng ba lebela monyako o mong le o mong, ba ne ba sa tshwanela ho tloha moo ba neng ba lebetse teng, hobane bana babo bona, e leng Balevi, ba ne ba ba lokisetsa dijo.