Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 6:3 - BIBELE

3 Bana ba Amorame ke Arone, le Moshe, le Meriama; bara ba Arone ke Nadabe, le Abidu, le Eleasare, le Itamare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Bara ba Aarone ke Nadabe, Abihu, Eleasare, le Ithamare.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 6:3
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho bara ba Usiele, hlooho ya bona e ne e le Aminadabe, bana babo ba le lekgolo le leshome le metso e mmedi.


Bara ba Kohate ba ne ba le bane, e le Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.


Bara ba Amorame e ne e le Arone le Moshe. Bo-Arone le bara ba hae ba kgethelwa hore kamehla yohle ba hlokomele dintho tse halalelang haholo, ba tjhesetse Morena mokubetso, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse setjhaba ka lebitso la hae kamehla.


ho ba Isihare, e mong e ne e le Shelomote; hara bara ba Shelomote e mong e le Jahate.


Bara ba Kohate ke Amorame, le Isihare, le Heborone, le Usiele.


Eleasare a tswala Finease, Finease a tswala Abishua,


Yaba Meriama wa moporofeta, kgaitsedi ya Arone, o nka moropa ka letsoho la hae; basadi bohle ba tswa, ba mo sala morao, ba nkile meropa, mme ba etsa motjeko.


Kgaitsedi ya hae ya emela thokwana, hore e tle e bone se tla etsahala ho yena.


Yaba kgaitsedi ya ngwana eo e re ho moradi wa Faro: “Na nka ya o bitsetsa mosadi wa Moheberu ya nyantshang, a tle a o nyantshetse ngwana eo?”


Morena a re ho Moshe: “Nyolohela ho Morena, wena le Arone, le Nadabe, le Abihu, le baholo ba Baiseraele ba mashome a supileng, le yo nkgumamela le le sebakana.”


“Bitsa moholwane wa hao Arone, le bara ba hae, Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare; o ba kgethe hara bana ba Iseraele, ba tle ba ntshebeletse e le baprista ba ka.


Amorame a nka rakgadia hae Jokobeta, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Arone le Moshe. Amorame a phela dilemo tse lekgolo le mashome a mararo a metso e supileng.


Arone a nka Elesheba, moradi wa Aminadabe, kgaitsedi ya Nashone, hore e be mosadi wa hae, mme a mo tswalla Nadabe, le Abihu, le Eleasare, le Itamare.


Nadabe le Abihu, bara ba Arone, e mong le e mong a nka sekubetso sa hae, a kenya mollo ka ho sona, a tshela mokubetso hodima mollo, a nyehella Morena ka mollo o sa halaleleng, oo Morena a neng a sa mo laela wona.


Moshe a re ho Arone, le ho Eleasare, le ho Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela: “Nkang nyehelo ya phofo e setseng nyehelong ya setjheso sa Morena, le e je e sa lomoswa, le le pela aletare, hobane nyehelo eo e halalela ka ho fetisisa.


Jwale Moshe a batla podi ya nyehelo e tlosang sebe, mme a fumana e tjhesitswe. A halefela Eleasare le Itamare, bara ba Arone ba neng ba ntse ba phela, a re:


Ke ile ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le lopolla naheng ya bokgoba. Ka romela Moshe ho le etella pele, ka mo romela a ena le Arone le Meriama.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ