Amona o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse pedi, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Meshulemete, moradi wa Haruse, wa motse wa Joteba.
Bahlanka ba hae ba nka setopo sa hae Megido, ka kariki ya ntwa, ba se isa Jerusalema, ba se epela lebitleng la hae. Setjhaba sa naha eo sa tlotsa Jehowakase, mora wa hae, sa mmea hore e be kgosi, a hlahlame ntatae.
Faro Neko a bea Eliakime, mora wa Josiya, hore a hlahlame ntatae. A mo rea lebitso la Jehoyakime. A isa Jehowakase naheng ya Egepeta, moo a ileng a shwela teng.
Jehoyakime o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano, ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le motso o mong, a le Jerusalema. A etsa bobe mahlong a Morena Modimo wa hae.
Morena o bua tjena malebana le Shalome, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.
Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’