Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 3:12 - BIBELE

12 Jowashe a tswala Amasiya, Amasiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Jotame,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 mora wa hae ke Amatsia, mora wa hae ke Asaria, mora wa hae ke Jothame,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 3:12
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka selemo sa bobedi sa puso ya Jehowashe, mora wa Jehowakase, kgosi ya Iseraele, Amasiya, mora wa Jowashe, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Setjhaba sohle sa Juda sa bea Asariya setulong sa Amasia, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Hoshea, mora wa Ela, a rera Peka, mora wa Remaleya. A mo hlaba, a mmolaya, mme a ikgapela bokgosi. E ne e le ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Jotame, mora wa Usiya.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Peka, mora wa Remaleya, kgosi ya Iseraele, Jotame, mora wa Usiya, kgosi ya Juda, a qala ho busa.


Morena a otla kgosi, mme kgosi ya eba molepera ho fihlela e eshwa. Kgosi ya phela e le inotshi tlung e kathoko. Jotame, mora wa kgosi, e ne e le yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a bile a busa naha eo.


Asariya a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe,


Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekiya, Hesekiya a tswala Manase,


Amasiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne le Jehowadane, eo hahabo e neng e le Jerusalema.


Setjhaba sohle sa Juda sa bea Usiya setulong sa Amasiya, ntatae. O ne a ena le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng.


Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ