Ka selemo sa leshome le metso e supileng sa puso ya Jehoshafate, kgosi ya Juda, Akasiya, mora wa Akabe, a qala ho busa naha ya Iseraele, a le Samaria. O ile a busa naha ya Iseraele ka dilemo tse pedi.
Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.
Jowashe o ne a qale ho busa ka selemo sa bosupa sa puso ya Jehu, mme a busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae ne e le Sebiya, eo hahabo e neng e le Beeresheba.
Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.
Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.
Jowashe o ne a ena le dilemo tse supileng ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mane, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Sebiya, eo ha habo e neng e le Beeresheba.