Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 3:10 - BIBELE

10 Mora wa Solomone e ne e le Rehoboame. Rehoboame a tswala Abiya, Abiya a tswala Asa, Asa a tswala Jehoshafate,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mora Salomone ke Roboame, mora wa hae ke Abija, mora wa hae ke Asa, mora wa hae ke Josafate,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 3:10
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a shwa, a epelwa Motseng wa Davida, ntatae, moo ho epetsweng bo-ntatae, mme Rehoboame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Rehoboame a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Lebitso la mmae e ne e le Naama wa Moamone. Abiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Asa a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae Motseng wa Davida. Jehoshafate, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ntwa ya nna ya lwana pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame ka matsatsi wohle a ho phela ha bona.


Abiya a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama.


Jehoshafate a tswala Jehorame, Jehorame a tswala Akasiya, Akasiya, a tswala Jowashe,


Bana kaofela e ne e le bara ba Davida, kantle ho bara bao a ba tswaletsweng ke basadi ba hae ba mafielo. Kgaitsedi ya bona e ne e le Tamare.


Ka selemo sa leshome le metso e robedi sa puso ya kgosi Jeroboame, Abiya a qala ho busa naha ya Juda.


Abiya a shwa mme a epelwa Motseng wa Davida. Asa, mora wa hae, a mo hlahlama. Mehleng ya hae naha ya eba le kgotso ka dilemo tse leshome.


Jehoshafate, mora wa Asa, a hlahlama ntatae, mme a imatlafatsa, hore a se ke a futuhelwa ke Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ