Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 3:1 - BIBELE

1 Bana ke bara bao Davida a ileng a ba tswala ha a le Heborone. Mora wa hae wa matsibolo ke Amanone, ya tswetsweng ke Ahinoame wa Mojesereele; wa bobedi ke Daniele, ya tswetsweng ke Abikaele wa Mokaramele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Bara ba Davida, bao a ba tswaletsweng a le Hebrone ke bana: Wa letsibolo ke Amnone wa Akinoame wa Jisreele; wa bobedi ke Daniele wa Abigaile wa Karmele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 3:1
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Abosalome, mora wa Davida, o ne a ena le kgaitsedi e ntle. Lebitso la yona e le Tamare. Amanone, mora wa Davida wa ntlo e nngwe, o ne a rata Tamare haholo.


Bahlanka ba Abosalome ba etsa Amanone jwalokaha Abosalome a ba laetse. Bara bohle ba kgosi ba raoha, ba lwabela dimmeile tsa bona, ba baleha.


Ntwa ya eba telele pakeng tsa ntlo ya Davida le ntlo ya Saule. Davida a nna a tswela pele ho matlafala, empa ntlo ya Saule yona ya nna ya fokola hoyahoile.


Hoba Davida a tlohe Heborone, a fihle Jerusalema, a boela a nka basadi ba mafielo, a nyala le basadi, mme a boela a tswallwa bara le baradi.


Ena ke merabe ya bangodi ba neng ba ahile Jabese: Batire, le Bashima, le Basuka. Bana ke bona Bakene ba tswetsweng ke Hamate, e leng ntata ba lelapa la Rekabe.


Morena o mphile bara ba bangata, mme hara bara bohle o kgethile Solomone, mora wa ka, ho dula teroneng ya mmuso wa Morena, a buse Iseraele.


wa boraro ya eba Abosalome, mora wa Maaka, moradi wa Talamai, kgosi ya Gesure; wa bone ya eba Adoniya, mora wa Hagite;


Davida le banna ba hae ba jaka ha Akishe, naheng ya Gate. Monna e mong le e mong o ne a ena le ba lelapa la hae. Davida le yena o ne a ena le basadi ba hae ba babedi, e leng Ahinoame wa Jesereele, le Abikaele wa Karamele, eo e neng e le mohatsa mofu Nabale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ