Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:29 - BIBELE

29 Diketso tsa kgosi Davida, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Samuele, le Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moporofeta Gade.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Haele ditaba tsa morena Davida, tsa ho qala le tsa ho qetella, bonang, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Samuele seboni, le bukeng ya ditaba tsa Nathane moporofeta, le bukeng ya ditaba tsa Gade seboni,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka la hosasane ha Davida a tsoha, Morena a bua ho moporofeta Gade, senohe sa Davida, a re:


Diketso tse ding tsa Solomone, le tsohle tseo a di entseng, le bohlale ba hae, di ngotswe Bukeng ya Diketso tsa Solomone.


Diketso tse ding tsa Rehoboame, le tsohle tseo a ileng a di etsa di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Di ngotswe mmoho le tsohle tsa puso ya hae, le tsa bonatla ba hae, le diketsahalo tsohle tse ileng tsa mo hlahela naheng ya Iseraele, le mebusong yohle ya dinaha tse ding.


Bohle ba ileng ba kgethelwa hore e be balebedi ba menyako ba ne ba le makgolo a mabedi le leshome le metso e mmedi. Ba ne ba badilwe ho ya ka meloko ya bona, metseng ya habo bona. Bo-Davida le moporofeta Samuele ke bona ba neng ba hlomamise banna bana mosebetsing ona wa bona, o nang le boikarabelo.


Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame.


Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Diketso tsohle tsa Solomone, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Nathane, le Bukeng ya Moprofeta Ahiya ya tswang Shilo, le Bukeng ya Dipono tsa Moporofeta Ido e buang ka Jeroboame, mora wa Nebate.


Moporofeta Gade a re ho Davida: “O se ke wa dula mona qhobosheaneng; tloha, o ye naheng ya Juda.” Yaba Davida o a tloha, o ya morung wa Herete.


Mehleng ya pele, naheng ya Iseraele, ha motho a ne a ilo botsa Modimo o ne a ye a re: “Tloo, re ye ho senohe,” hobane ya bitswang moporofeta kajeno, mehleng eo o ne a bitswa senohe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ