Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:25 - BIBELE

25 Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Jehova a phahamisa Salomone haholoholo mahlong a Baiseraele bohle, mme a mo nea borena bo kganyang boo ho neng ho eso ho be morena wa Iseraele ya kileng a ba le bo jwalo pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:25
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwalokaha Morena a nnile a ba le monga ka, kgosi, a ke a be le Solomone, mme a hodise mmuso wa hae le ho feta wa monga ka, kgosi Davida.”


ke o etsetsa jwalokaha o kopile. Ke o nea bohlale, le kutlwisiso, tseo ho seng motho ya kileng a ba le tsona, mme ho seng ya tla ke a be le tsona.


Hape ke o nea le seo o sa kang wa se kopa. Ha o sa ntse o phela, ke tla o nea maruo le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona.


Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.


Solomone, mora wa Davida, a tsitsa mmusong wa hae; Morena Modimo wa hae, a ba le yena, mme a mo phahamisa haholo.


ke o nea bohlale, le tsebo. Ke tla be ke o nee le matlotlo, le tlotla, e leng tseo ho eso be le kgosi e kileng ya eba le tsona pele ho wena, kapa e tla ba le tsona kamorao ho wena.”


“Motho e ne leng, ha o mo nketse hodimo hakaale, o bile o mo hlokometse hakaale?


Kahoo ka tuma haholo, ka feta bohle ba bileng teng Jerusalema pele ho nna, mme ka dula ke ntse ke le bohlale.


Bohle ba phelang Efese, Bajuda le Bagerike, ha ba utlwa taba ena, kaofela ba tshoha, mme lebitso la Morena Jesu la tumiswa.


Empa seo re se bonang ke Jesu ya beilweng katlasana ho mangeloi ka nakwana, a rweswa mofapahlooho wa tlotla le hlompho ka baka la mahloko a lefu la hae, e le hore ka mohau wa Modimo a tle a shwele bohle.


Morena a re ho Joshua: “Ka letsatsi lena ke tla qala ho o hodisa moo Baiseraele bohle ba bonang, ba tle ba tsebe hore ke tla ba le wena jwalokaha ke ile ka ba le Moshe.


Ka letsatsi leo, Morena a hodisa Joshua moo Baiseraele bohle ba ntseng ba bona; ba mo tshaba ka matsatsi wohle a bophelo ba bona, jwalokaha ba ne ba tshaba Moshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ