Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:24 - BIBELE

24 Mahosana wohle, le bahale, le bara bohle ba kgosi, ba ipea tlasa kgosi Solomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Dihlooho tsohle, le dinatla kaofela, le bara bohle ba morena Davida, ba ipea katlasa morena Salomone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:24
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,


Ha nako ya ho shwa ha Iseraele e atamela, a bitsa mora wa hae Josefa, a re ho yena: “Haeba ke fumane mohau ho wena, ako bee seatla sa hao ka tlasa serope sa ka. Tshepisa hore o tla nne o nthate, o tshepahale, mme o ke ke wa nkepela Egepeta.


Davida o ne a ile a laela mahosana wohle a Baiseraele hore a thuse mora wa hae, Solomone, mme a re ho wona:


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


Solomone a dula teroneng ya Morena, ya eba kgosi sebakeng sa ntatae Davida, mme a atleha. Baiseraele bohle ba mo hlompha.


Morena a phahamisa Solomone haholo mahlong a Baiseraele bohle; a mo apesa botlotlehi boo ho seng kgosi e neng e kile ya eba le bona, naheng ya Iseraele, pele ho yena.


Le se ke la satalatsa melala ya lona jwaloka bo-ntata lona, le ineele Morena, le kene ka Sehalalelong sa hae seo a se halaleditseng kamehla yohle. Sebeletsang Morena Modimo wa lona, e le hore kgalefo ya hae e tlokomang e tle e le fapohe.


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


O nyedisitse kano ka ho senya selekane seo a neng a se hlapanyeditse, a etsa dintho tsena tsohle; kahoo a ke ke a phonyoha.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ