Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:2 - BIBELE

2 Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ke lokiseditse ntlo ya Modimo wa ka, ka matla wohle a ka, kgauta ya ho etsa tsa kgauta, le silefera ya ho etsa tsa silefera, le koporo ya ho etsa tsa koporo, le tshepe ya ho etsa tsa tshepe, le difate tsa ho etsa tsa difate; le mahakwe a onikse, le mahakwe a tla bewa dikoomaneng, le mahakwe a benyang le a mebalabala, le mahakwe a mang a mefuta a bohlokwa, le majwe a maramore e tshweu a mangata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:2
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgauta ya naha eo ke e ntlentle. Ho na le mamina a difate a monko o monake, le majwe a bohlokwa.


Ako etse hore Solomone, mora wa ka, a tshepahale, hore a boloke melao ya hao, le ditemoso tsa hao, le ditaelo tsa hao, a phethe dintho tsena tsohle, a hahe Tempele eo ke seng ke lokiseditse hore e hahwe.”


Ho feta mona, kaha ke rata Tempele ya Modimo wa ka, kahodima tsohle tseo ke seng ke di lokiseditse Tempele ena e halalelang, le nna ke abela Tempele ena ya Modimo wa ka matlotlo a ka a kgauta le a silefera:


A kgabisa Tempele ka majwe a bohlokwa, le ka kgauta e tswang Parefaime.


“Silefera e na le morafo wa yona, kgauta e na le setshekelo sa yona;


Ka kgauta ya Ofire bo ke ke ba rekwa, kapa ka kareneleane le safire ya bohlokwa.


Ka ho wona o rokelle mela e mene ya majwe a bohlokwa, a kgabisitsweng. Moleng wa pele e be lejwe la rubi, le la topase, le la karanete.


Moleng wa bone e be lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Majwe ao a kenngwe shweshweng e entsweng ka kgauta.


“O nke majwe a mabedi a bohlokwa a kareneleane, hodima wona a ngole mabitso a bara ba Iseraele.


Moleng wa bone e ne e le lejwe la berile, le la kareneleane, le la jasepere. Ba kenya majwe ao dishweshweng tseo tsa kgauta.


Ba kutletsa majwe a bohlokwa a kareneleane, ba a kenya dishweshweng tsa kgauta, ba a ngola mabitso a bara ba Iseraele, jwalokaha ho etswa setempe sa bopaki.


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Ke paka hore di ile tsa fana ho ya kamoo di nang le hona kateng; e, le ho feta kamoo di nang le hona kateng, mme e le ka boithaopo.


Sohle seo le se etsang, le se etse ka dipelo tsohle tsa lona, jwaloka hoja le se etsetsa Morena, e seng batho.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ