1 Dikronike 29:16 - BIBELE16 Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)16 Jehova, Modimo wa rona, bongata boo ba dintho tseo re di lokiseditseng ho o hahela ntlo ka tsona, ho e hahela lebitso la hao le halalelang, bo tswa letsohong la hao; tsohle ke tsa hao. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba Asariya, Moprista e Moholo, wa lelapa la Sadoke, o a mo araba, o re: “Haesale ho tloha mohla setjhaba se tlisang dinyehelo ka Tempeleng ya Morena, re ile ra ja, ra ba ra di sheba feela, mme re sa saletswe ke tse ngata, hobane Morena o hlohonolofaditse setjhaba sa hae, mme dijo tse setseng ke qubuhadi ena.”