Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:15 - BIBELE

15 Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:15
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a jaka naheng eo ya Bafilesita ka ditshiu tse ngata.


“Ke molata le mojaki hara lona; mpheng setsha sa mabitla, ke tle ke yo epela mofu wa ka ho sona.”


A ke a o nee lehlohonolo la Aborahama, wena le ditloholo tsa hao, o tle o rue naha eo o leng mojaki ho yona, eo Modimo a neng a e nee Aborahama!”


Maruo a bona a ne a le mangata hoo ba neng ba ke ba aha mmoho; naha eo ba neng ba jakile ho yona e ne e ke ke ya hlola e ba phedisa, ka baka la mehlape ya bona.


Jakobo a re ho Faro: “Dilemo tsa bojaki ba ka mona lefatsheng ke lekgolo le mashome a mararo. Dilemo tsa bophelo ba ka di bile kgutshwanyane, tsa eba thata, mme ha di a fihla dilemong tseo bo-ntate ba di phetseng.”


“Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.


Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao.


Empa motho yena o a shwa, a fellwe ke matla, a neele moya, ebe jwale o kae?


o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.


Rona ba maobane re hloka tsebo; matsatsi a rona ho lena lefatshe a ka moriti ha o falola.


ka baka la bohale le kgalefo ya hao; hobane o ile wa mphamola, wa nto ntabanya!


Ke mofeti mona lefatsheng; o se ke wa mpatela melao ya hao.


Motho o tshwana le lefeela, ditshiu tsa hae di jwaloka moriti o fetang.


O kgalemela motho ka ho mo otla, ka ho mo otlela melato ya hae, o fedisa seo a se ratang jwalokaha eka se jewa ke tshwele. Ruri motho ke lefeela.


Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate.


Ditshiu tsa rona tsohle di a kgutsufala, di kgutsufatswa ke bohale ba hao, dilemo tsa rona di feta jwaloka mofehelo.


Ke mang ya ka tsebang se molemo ho motho bophelong boo bo bokgutshwanyane, boo a fetang ho bona jwalokaha eka ke seriti? Ke mang ya ka mmolellang se tla etsahala moo lefatsheng ha yena a se a iketse?


“ ‘Naha e se ke ya rekisetswa ruri, hobane ke ya ka, lona le baeti le bajaki ho nna.


Ha le tsebe hore na la hosasane le tla le tlela le eng, kapa bophelo ba lona bo tla ba jwang, hobane le tshwana feela le mohodi, o bonahalang nakwana, o nto nyamela.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ