Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 29:14 - BIBELE

14 “Empa nna ke mang? Tjhaba sa ka sona ke eng, hoo re ka ithaopelang ho fana hakaalekaale? Tsohle ke tsa hao, mme tseo re faneng ka tsona di tswa ho wena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Hobane nna keng, mme setjhaba sa ka keng, hore re tle re tsebe ho o ntshetsa ntho tsa rona jwaloka ho rata? Athe tsohle di tswa ho wena, mme ke letsoho la hao le re fileng seo re o neang sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 29:14
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le lejwe leo ke le hlommeng hore e be mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo. Ke tla mo nea karolo e le nngwe leshomeng ka leng la tsohle tseo a mphang tsona.”


ha ke tshwanelwe ke mohau wohle le botshepehi bohle, e leng tseo o sebeleditseng mohlanka wa hao ka tsona. Ke ne ke tshele Jorodane ke nkile molamu wa ka feela, empa jwale ke na le dihlopha tse pedi.


Jwale kgosi Davida a kena ka tenteng, a dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba lelapa la ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


Jwale kgosi Davida a kena ka Tenteng, a ya dula kapele ho Morena, mme a re: “Oho, Morena Modimo, ekaba nna ke mang? Ekaba ntlo ya ka ke eng, hoo o mphihlisitseng hole hakaale?


Re a o leboha Modimo wa rona, re rorisa lebitso la hao le tlotlehang.


Mahlong a hao re baeti le bajaki, jwaloka bo-ntata rona bohle. Matsatsi a rona, lefatsheng mona, a jwaloka seriti, mme ha ho ya nang le tshepo.


Oho, Morena Modimo wa rona, dintho tsena tsohle, tseo re di lokiseditseng ho o hahela Tempele ka tsona, ho tlotla lebitso la hao le halalelang, di tswa ho wena, ke tsa hao.


Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


“Tempele ena eo ke tla e haha e kgolo hobane Modimo wa rona o moholo ho feta medimo yohle.


O se ke wa re nea tlotla, Morena, o se ke wa e nea rona, o mpe o e nee lebitso la hao, ka baka la mohau wa hao le botshepehi ba hao.


Empa Moshe a re ho Modimo: “Nna ke mang, hoo nka yang ho Faro, ka ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta?”


a bua, a re: “Na ee hase yona Babilona e kgolo, eo ke e hahileng ka matla a ka a maholo, e le ntlo ya bokgosi le tlotla ya botlotlehi ba ka?”


‘Silefera ke ya ka, le yona kgauta ke ya ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Tsohle di tswa ho Modimo, di teng ka yena, mme ke tsa hae. Tlotla e ke e iswe ho yena kamehla le mehla. A ho be jwalo!


Ka tsatsi le qalang beke, e mong le e mong wa lona a bee ho hong kathoko ha hae, ho ya kamoo a sitsitsweng kateng; dikoleke di etswe ke eso fihle.


Hase hore rona ka borona re na le matla a lekaneng hore re hopole letho jwaloka hoja le tswa ho rona, empa matla a rona a tswa ho Modimo.


Jwale le tla ketekela Morena Modimo wa lona, mokete wa dibeke; le fane ka nyehelo ya boithaopo ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng kateng.


Monna e mong le e mong a fane ho ya kamoo a filweng kateng, le ho ya kamoo Morena Modimo wa lona, a mo hlohonolofaditseng kateng.”


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.


baholo ba mashome a mabedi a metso e mene ba itihela fatshe kapele ho ya dutseng teroneng, ba kgumamela ya phelang kamehla le mehla, mme ba akgela mefapahlooho ya bona kapele ho terone, ba ntse ba re:


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ