Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:8 - BIBELE

8 “Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Jwale, mahlong a Baiseraele bohle, a phutheho ya Jehova, Modimo wa rona ha o ntse o re utlwa, ke re: Bolokang, le batle ditaelo tsohle tsa Jehova, Modimo wa lona, hore le nne le rue fatshe lena le molemo, mme le le siele bara ba lona e le lefa la bona kamora lona, ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:8
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa.’


“Jwale wena Solomone, mora wa ka, tseba Modimo wa ntatao, o mo sebeletse ka pelo ya hao yohle, le ka maikutlo a hao wohle. Morena o lekola dipelo tsohle, mme o tseba menahano yohle, le mehopolo yohle. Ha o ka mmatla, o tla mo fumana, empa haeba o ka mo furalla, o tla o lahlela ruri!


Ka baka leo he, le se ke la nyallana le bona, leha e le ho sebeletsa kgotso ya bona, kapa ho tswela pelo leruo la bona ho isa kgale, e le hore le tle le matlafale, le je menono ya naha eo, le e siele bana ba lona hore e be lefa la bona la kamehla yohle.’


Nthute, ke utlwisise tsela ya ditaelo tsa hao, ke tle ke nahane dimakatso tsa hao.


O re neile ditaelo tsa hao, hore re di boloke ka ho tlala.


Ke tla nne ke boloke Molao wa hao, ke o boloke kamehla le mehla.


“Hlokomela tsohle tseo ke o boleletseng tsona. O se ke wa bua ka mabitso a medimo esele, leha e le ho a bolela.”


Monna ya lokileng o siela tloholo tsa hae lefa, leruo la moetsadibe ke lefa la ba lokileng.


Mora wa ka, se lebale thuto ya ka, pelong ya hao melao ya ka o e boloke,


Fuputsa bukeng ya Morena, o bale: Ha ho le e nngwe ya tsona e tla ba siyo, ha ho le e nngwe ya tsona e tla hloka molekane. Ke molomo wa Morena o entseng taelo, ke Moya wa hae o tla di bokella.


Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”


Bao ba ne ba ena le maikutlo a matle ho feta ba Thesalonika, ba amohela lentswe la Modimo ka thahasello yohle, ba fuputsa Mangolong ka letsatsi le leng le le leng ho bona hore na ditaba tseo di jwalo.


Bo-Moshe le baholo ba Iseraele ba laela setjhaba, ba re: “Bolokang melao yohle eo ke le laelang yona kajeno.


“Kajeno lena, bohle le eme kapele ho Morena Modimo wa lona: mahosana a merabe ya lona, baholo ba setjhaba sa lona, le balaodi ba lona, le banna bohle ba Iseraele,


empa o di etsa le bohle ba nang le rona kajeno, kapele ho Morena Modimo wa rona, esita le bohle bao kajeno ba esong ho tswalwe.


“Jwale lona Baiseraele, mamelang melao le ditaelo tseo ke le rutang tsona, hore le di phethe, e le hore le tle le phele, le kene naheng eo Morena Modimo wa bo-ntata lona, a le neang yona hore e be ya lona.


lehodimo le lefatshe ke dipaki tsa hore ruri le tla timela hanghang, naheng eo le tshelang Jorodane le eya ho yona, hore e be ya lona. Le ke ke la phela halelele naheng eo; le tla timetswa ho hang.


Ka baka leo, e bolokeng, mme le e phethe, hobane hona ho tla bontsha bohlale ba lona, le kutlwisiso ya lona, mahlong a ditjhaba tse tla utlwa melao ena yohle, mme di re: ‘Ruri setjhaba sena se seholo ke setjhaba se bohlale, se nang le kutlwisiso.’


“Ka baka leo, hlokomelang ho etsa jwalokaha Morena a le laetse. Le se ke la kgelohela ka letsohong le letona kapa ka ho le letshehadi.


Le tsamaye ka tsela eo Morena Modimo wa lona, a le laetseng hore le tsamaye ka yona, e le hore le tle le phele, le atlehe, mme le phele halelele naheng eo e tla ba ya lona.”


Haeba le ka furalla Morena, la sebeletsa medimo esele, o tla le fetohela, a le etse hampe, a le timetse, le hoja a kile a le etsa hantle.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ