Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:7 - BIBELE

7 Ke tla tiisa mmuso wa hae kamehla yohle, haeba a ka nna a boloka melao ya ka le ditemoso tsa ka, jwalokaha a ntse a etsa.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ke tla tiisa mmuso wa hae ka ho sa feleng, ha a ka tiisetsa ho etsa ka melao ya ka le ka ditaelo tsa ka, jwalokaha ho le kajeno.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:7
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha Solomone a se a tsofetse, basadi bana ba hae ba mo kgelosa hore a sebeletse medimo e meng. Pelo ya hae ya se ke ya hlola e tshepahala ka ho tlala ho Morena Modimo wa hae, jwalokaha pelo ya Davida, ntatae, yona e ne e tshepahala.


Haeba o ka tsamaya ka ditsela tsa ka, wa boloka ditaelo tsa ka, le melao ya ka, jwalokaha Davida, ntatao, a ile a etsa, ke tla lelefatsa bophelo ba hao.”


Ka baka lena, le ke le tshepahale ho Morena Modimo wa rona, le tsamaye ka ditaelo tsa hae, le boloke melao ya hae jwaloka kajeno.”


Ha o ka ela hloko ho phethahatsa ditaelo le melao eo Morena a e laetseng Moshe malebana le Baiseraele, o tla atleha. Eba monna, o be sebete; o se ke wa tshaba leha e le ho tsieleha.


Hlokomela he, hobane Morena o o kgethetse hore o mo hahele Tempele eo e leng Sehalalelo sa hae. Eba monna, o etse jwalo.”


“Ka baka leo, pontsheng ya Baiseraele bohle, e leng setjhaba sa Morena, le moo Modimo wa rona a ntseng a utlwa, batlang, mme le boloke melao yohle ya Morena Modimo wa lona, e le hore le tle le rue naha ena e ntle, le e siele bana ba lona, e be ya bona kamehla yohle.


Ha bara ba hao ba ka boloka selekane sa ka, ba latela ditemoso tseo ke ba neileng tsona, le bara ba bona ba tla dula teroneng, teroneng ya hao kamehla.”


“Mehleng ya dikgosi tseo, Modimo ya lehodimong o tla thea mmuso o ke keng wa hlola o fediswa, o ke keng wa hlolwa ke ditjhaba tse ding. Mmuso oo o tla thuakanya, o timetse mebuso e meng yohle, empa wona o tla hlola kamehla yohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ