Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:4 - BIBELE

4 “Leha ho le jwalo, Morena Modimo wa Iseraele, o kgethile nna, ho ba lelapa lohle la ntate, hore ke be kgosi ya Iseraele kamehla yohle. O kgethile Juda ho ba moetapele, mme morabeng wa Juda o kgethile lelapa leso. Hara bana beso o ile a kgahlwa ke nna, mme a mpea kgosi ya Iseraele yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Jehova, Modimo wa Iseraele, o ne a nkgethe hara bohle ba ntlo ya ntate hore ke be morena wa Iseraele ka ho sa feleng; hobane o fela a kgethile Juda ho mo etsa motsamaisi; tlung ya Juda o kgethile ntlo ya ntate, mme hara bara ba ntate o kgahlilwe ke nna ho nketsa morena wa Baiseraele bohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:4
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


“Jwale, ka baka leo, Morena, tshepiso eo o e etseditseng mohlanka wa hao, le lelapa la hae, o ke o e phethahatse kamehla yohle, mme o etse kamoo o buileng kateng.


O hlohonolofaditse lelapa la mohlanka wa hao, hore le nne le be tlhokomelong ya hao kamehla yohle. Oho, Morena, o le hlohonolofaditse, mme le tla hlohonolofala kamehla yohle.”


Le hoja Juda a ne a le matla ho feta bana babo, mme mmusi a ile a hlaha lapeng la hae, ditokelo tsa boholo e ile ya eba tsa Josefa.


Empa ke kgethile Jerusalema hore ke tle ke kgumamellwe teng, mme ke kgethile Davida hore a buse setjhaba sa ka sa Iseraele.’


Modimo o buile a le sehalalelong sa hae, a re: “Ke nyakaletse, ke tla arola Shekeme, ke sehe kgohlo ya Sukote dikoto.


Ba mphutuhela mohla tlokotsi ya ka, empa Morena a nthusetsa;


baratuwa ba hao ba tle ba lopollwe. Re pholose ka letsoho la hao le letona, re pholose, o be o re utlwe.


“Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapanyeditse Davida, mohlanka wa ka, ka re:


Efela ho tsejwa hantle hore Morena wa rona o tswile lelokong la Juda, leo Moshe a sa kang a bolela letho ka lona, ha a bua ka tsa boprista.


Morena a re ho Samuele: “O tla llela Saule ho le hokae, ha e le moo ke mo furaletse, hore e se be kgosi ya Iseraele? Tlatsa lenaka la hao ole, mme o tsamaye. Ke tla o romela ho Jese wa Betlelehema, hobane ke ikgethetse kgosi hara bara ba hae.”


Basife ba fihla Gibea, ho Saule, ba re: “Davida o ipatile leralleng la Hakila, le pela lehwatata.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ