1 Dikronike 28:2 - BIBELE2 Jwale kgosi Davida a ema, a re: “Mmameleng, lona bana beso, le setjhaba sa heso. Ke ne ke ena le maikutlo a ho hahela areka ya selekane sa Morena Tempele, eo e tla dula ka ho yona, le moo Modimo wa rona a tla namela teng, mme ke se ke entse ditokiso tsa ho e haha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)2 Morena Davida a ema ka maoto, a re: Banabeso le setjhaba sa ka, mmameleng. Kgopolo ya pelo ya ka e ne e le hore ke hahele areka ya selekane sa Jehova ntlo ya phomolo, e tle e be bonamelo ba maoto a Modimo wa rona; ke ne ke se ke qadile ho lokisa tse tla haha. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Ke se ke ikgathaditse haholo, ke bokeletse kgauta e boima ba dithane tse ka bang dikete tse tharo le mashome a mane bakeng sa Tempele ya Morena, le silefera e boima ba dithane tse ka bang dikete tse mashome a mararo a metso e mene, le lethose, le tshepe, e leng dintho tse ke keng tsa lekanngwa ka baka la bongata ba tsona. Ke se ke bokeletse le difate le majwe. Dintho tsena o ka nna wa di eketsa.
Enwa a re ho nna: “Wena ngwana motho, sebaka sena ke sa terone ya ka le sa bonamelo ba maoto a ka. Mona ke moo ke tla phela teng hara bana ba Iseraele kamehla. Baiseraele kapa dikgosi tsa bona ba ke ke ba hlola ba silafatsa lebitso la ka le halalelang, ba le silafatsa ka bootswa ba bona kapa ka ho epela ditopo tsa dikgosi tsa bona mabitleng a tsona.