Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




1 Dikronike 28:14 - BIBELE

14 A mo laela le hore na boima ba kgauta le ba silefera e tla etsa thepa yohle, e tla sebediswa, bo be bokae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 A mo nea le tekanyo ya mesebetsi ya kgauta, le boima ba tseo e neng e ka kgona di etswe ka kgauta, le tekanyo ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle; a bolela le boima ba mesebetsi yohle ya silefera, le ya mesebetsi yohle ya mefuta yohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




1 Dikronike 28:14
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a laela Solomone kamoo a tla hlopha baprista le Balevi kateng, hore ba etse mosebetsi wohle wa tshebeletso ya Tempele ya Morena; le kamoo thepa yohle e tla sebediswa kateng ha ho sebeletswa ka Tempeleng ya Morena.


A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng.


Ka matla a ka wohle ke lokisitse dintho tsa Tempele ya Modimo wa ka: Kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le lethose le tla etsa dintho tsa lethose, le tshepe e tla etsa dintho tsa tshepe, le mapolanka a tla etsa dintho tsa mapolanka, le majwe a bohlokwa a oniki, le majwe a phatsimang a tla kgabisa, a mebalabala, le mefuta yohle ya majwe a bohlokwa, le mahakwe.


A etsa didulwana tsa mabone, tsa kgauta, tse leshome, ho ya kamoo di neng di tshwanetse ho ba kateng, a di bea ka Tempeleng, tse hlano ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi.


Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ